Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 55

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Baassyria ba ne ba hapile ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. Joale morena Sankeribe oa Assyria, o ne a batla ho hapa ’muso oa Juda oa meloko e ’meli. O ne a se a hapile metse e meng ea Juda ’me joale a batla ho hapa Jerusalema. Empa Sankeribe o ne a sa tsebe hore Jehova o sirelelitse Jerusalema.

Morena Ezekiase oa Juda o ile a fa Sankeribe chelete e ngata e le hore a se ke a hlasela Jerusalema. Sankeribe o ile a nka chelete eo, empa a ’na a romela lebotho la hae le matla ho hlasela Jerusalema. Baahi ba Jerusalema ba ile ba tšoha, kaha Baassyria ba ne ba ntse ba atamela. Eaba Ezekiase o re: ‘Le se ke la tšoha. Baassyria ba matla, empa Jehova o tla etsa hore re be matla ho ba feta.’

Eaba Sankeribe o roma Rabshake hore a e’o soma Baiseraele. Kahoo, Rabshake a ema ka ntle ho motse ’me a hoeletsa a re: ‘Jehova a ke ke a le thusa. Le se ke la lumella Ezekiase hore a le qhekelle. Ha ho na molimo ea ka le sireletsang ho rona.’

Eaba Ezekiase o botsa Jehova hore na a etse’ng. Jehova a re: ‘U se ke oa tšosoa ke seo Rabshake a se buang. Sankeribe a ke ke a hapa Jerusalema.’ Ka mor’a moo, Ezekiase a fumana mangolo a tsoang ho Sankeribe. Mangolo ao a ne a re: ‘Inehele. Jehova a ke ke a u pholosa.’ Kahoo, Ezekiase a rapela, a re: ‘Jehova re kopa u re sireletse, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe hore ke uena feela Molimo oa ’nete.’ Jehova a re ho eena: ‘Morena oa Assyria ha a na ho kena Jerusalema. Ke tla sireletsa motse oo oa ka.’

Sankeribe o ne a nahana hore o haufi le ho hapa Jerusalema. Empa bosiu bo bong, Jehova a romela lengeloi moo masole a robetseng teng ka ntle ho motse. Lengeloi leo la bolaea masole a 185 000. Morena Sankeribe a lahleheloa ke masole a hae a matla. Kaha o ne a hlotsoe, a tlameha ho khutlela hae. Ka tsela eo, Jehova a sireletsa Ezekiase le Jerusalema, feela joalokaha a ne a tšepisitse. Haeba u ne u le Jerusalema ka nako eo, na u ne u tla tšepa Jehova?

“Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”—Pesaleme ea 34:7