Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ea Ruta Batho

Jehova o Roma Jeremia ho ea Ruta Batho

Jehova o ile a khetha Jeremia hore e be moprofeta, Juda. A re a rute batho a be a ba lemose hore ba tlohele ho etsa lintho tse mpe. Eaba Jeremia o re ho Jehova: ‘Empa ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe hore na ke tla re’ng ho bona.’ Jehova a re ho eena: ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u bolella seo u lokelang ho se bua. Ke tla u thusa.’

Jehova o ile a re Jeremia a bokelle baeta-pele ba sechaba ’me a pshatle nkho ea letsopa ka pel’a bona ebe o re: ‘Jerusalema e tla felisoa ka tsela ena.’ Ha Jeremia a etsa seo Jehova a itseng a se etse, baeta-pele bao ba halefa haholo. Eaba moprista e mong ea bitsoang Pashkure o otla Jeremia ’me a mo kenya metšoasong ea mapolanka. Kahoo, Jeremia a qeta bosiu kaofela a sa khone ho sisinyeha. Ha Pashkure a mo lokolla hoseng, Jeremia a re: ‘Ke utloile ho lekane. Nke ke ka hlola ke bolela.’ Empa na o ile a khaotsa ho bolela? Che. Ha Jeremia a nahanisisa ka taba ena, o ile a re: ‘Molaetsa oa Jehova o nchesa joaloka mollo. Nke ke ka khaotsa ho o bolela.’ Kahoo, Jeremia a tsoela pele ho lemosa batho.

Ho ile ha feta lilemo tse ngata ’me ho ile ha e-ba le morena ea mocha Juda. Baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba sa rate molaetsa oa Jeremia. Eaba ba re ho bara ba morena: ‘Monna enoa o lokela ho shoa.’ Kahoo, Jeremia a re: ‘Haeba le mpolaea, le tla be le bolaea motho ea se nang molato. Ke le bolella molaetsa oa Jehova, eseng oa ka.’ Ha bara ba morena ba utloa seo, ba re: ‘Ha re na lebaka la ho bolaea monna enoa.’

Kahoo, Jeremia a tsoela pele ho bolela, empa bara ba morena ba halefa haholo. Ba kopa morena hore a bolaee Jeremia. Eaba Tsedekia o re ba ka etsa ntho leha e le efe eo ba e batlang ka eena. Kahoo, ba nka Jeremia ba mo lahlela ka sekoting se tebileng se nang le seretse, ba nahana hore o tla shoa. Jeremia a qala ho teba ka seretseng.

Joale molaoli oa lekhotla ea bitsoang Ebede-meleke a ea ho morena, ’me a re: ‘Bara ba hao ba akhetse Jeremia ka sekoting! Haeba re mo tlohela ka moo, o tl’o shoa.’ Kahoo, Tsedekia a re Ebede-meleke a nke banna ba 30 ’me ba ntše Jeremia ka sekoting. Le rona re lokela ho tšoana le Jeremia hobane ha aa ka a lumella letho hore le mo thibele ho bolela.

“Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:22