Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela

Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela

Jehova o ile a kgetha Jeremia hore e be moprofeta, Juda. O ile a re a rute batho a be a ba lemose hore ba tlohele ho etsa dintho tse mpe. Yaba Jeremia o re ho Jehova: ‘Empa ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe hore na ke tla reng ho bona.’ Jehova a re ho yena: ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o bolella seo o lokelang ho se bua. Ke tla o thusa.’

Jehova o ile a re Jeremia a bokelle baetapele ba setjhaba, mme a tjhwatle nkgo ya letsopa ka pela bona ebe o re: ‘Jerusalema e tla fediswa ka tsela ena.’ Ha Jeremia a etsa seo Jehova a itseng a se etse, baetapele bao ba halefa haholo. Yaba moprista e mong ya bitswang Pashkure o otla Jeremia mme a mo kenya metshwasong ya mapolanka. Kahoo, Jeremia a qeta bosiu kaofela a sa kgone ho sisinyeha. Ha Pashkure a mo lokolla hoseng, Jeremia a re: ‘Ke utlwile ho lekane. Nke ke ka hlola ke bolela.’ Empa na o ile a kgaotsa ho bolela? Tjhe. Ha Jeremia a nahanisisa ka taba ena, o ile a re: ‘Molaetsa wa Jehova o ntjhesa jwaloka mollo. Nke ke ka kgaotsa ho o bolela.’ Kahoo, Jeremia a tswela pele ho lemosa batho.

Ho ile ha feta dilemo tse ngata, yaba ho ba le morena e motjha Juda. Baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba sa rate molaetsa wa Jeremia. Yaba ba re ho bara ba morena: ‘Monna enwa o lokela ho shwa.’ Kahoo, Jeremia a re: ‘Haeba le mpolaya, le tla be le bolaya motho ya se nang molato. Ke le bolella molaetsa wa Jehova, eseng wa ka.’ Ha bara ba morena ba utlwa seo, ba re: ‘Ha re na lebaka la ho bolaya monna enwa.’

Kahoo, Jeremia a tswela pele ho bolela, empa bara ba morena ba halefa haholo. Ba kopa morena hore a bolaye Jeremia. Yaba morena eo o re ba ka etsa ntho leha e le efe eo ba e batlang ka yena. Kahoo, ba nka Jeremia ba mo lahlela ka sekoting se tebileng se nang le seretse, ba nahana hore o tla shwa. Jeremia a qala ho teba ka seretseng.

Jwale molaodi wa lekgotla ya bitswang Ebedemeleke a ya ho morena, mme a re: ‘Bara ba hao ba akgetse Jeremia ka sekoting! Haeba re mo tlohela ka moo, o tlo shwa.’ Kahoo, morena a re Ebedemeleke a nke banna ba 30 mme ba ntshe Jeremia ka sekoting. Le rona re lokela ho tshwana le Jeremia, hobane ha aa ka a dumella letho hore le mo thibele ho bolela.

“Le tla hlouwa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ya mameletseng ho fihlela bofelong ke yena ya tla pholoha.”—Matheu 10:22