Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 58

Jerusalema e a Timetswa

Jerusalema e a Timetswa

Batho ba Juda ba ne ba fetohela Jehova ka makgetlo a mangata mme ba rapela medimo ya bohata. Jehova o ile a leka ho ba thusa ka dilemo tse ngata. O ile a romela baprofeta ba bangata hore ba ba lemose, empa ha ba a ka ba mamela. Ho e na le hore ba mamele baprofeta, ba ne ba ba soma. Jehova o ile a etsang ho fedisa borapedi ba bona ba ditshwantsho?

Morena wa Babylona, e leng Nebukadnezare, o ne a ntse a hapa dinaha tse ngata. O ile a hapa Jerusalema, mme a isa Morena Jojakine, bara ba hae, masole le batho ba etsang mesebetsi ya matsoho Babylona. A boela a nka matlotlo ohle a ka tempeleng ya Jehova. Ka mora moo, Nebukadnezare a etsa Tsedekia morena wa Juda.

Qalong Tsedekia o ne a mamela Nebukadnezare. Yaba batho ba dinaha tse haufi le baprofeta ba bohata ba kgothalletsa Tsedekia hore a fetohele morena wa Babylona. Empa Jeremia a mo eletsa a re: ‘Haeba o fetohela morena wa Babylona, batho ba tla bolawa, ho be le tlala hammoho le malwetse, Juda.’

Ka mora hore Tsedekia a buse ka dilemo tse robedi, a fetohela morena wa Babylona. O ile a kopa masole a Egepeta hore a mo thuse. Kahoo, Nebukadnezare a romela masole a hae hore a hlasele Jerusalema, yaba a hloma ditente ho potapota motse. Jeremia a re ho Tsedekia: ‘Jehova o re ha o ka inehela ho morena wa Babylona, o tla pholoha hammoho le setjhaba sa hao. Empa haeba o sa etse jwalo, Bababylona ba tla tjhesa Jerusalema mme ba o etse motshwaruwa.’ Tsedekia a re: ‘Nke ke ka inehela!’

Ka mora selemo le halofo, masole a Babylona a ile a diha marako a Jerusalema mme a tjhesa motse. Ba ile ba tjhesa tempele, ba bolaya batho ba bangata mme ba tshwara ba dikete.

Tsedekia o ile a baleha Jerusalema, empa Bababylona ba mo lelekisa. Ba mo tshwara haufi le Jeriko mme ba mo isa ho Nebukadnezare. Morena wa Babylona o ile a etsa hore Tsedekia a bone ha bara ba hae ba bolawa. Yaba o foufatsa Tsedekia mme a mo kwalla teronkong, moo hamorao a ileng a shwela teng. Empa Jehova a tshepisa Bajuda a re: ‘Ke tla le kgutlisetsa Jerusalema ka mora dilemo tse 70.’

Ho ile ha etsahalang ka batjha ba isitsweng Babylona e le batshwaruwa? Na ba ile ba dula ba tshepahala ho Jehova?

“Jehova Modimo, ya Matla ohle, diqeto tsa hao tsa boahlodi ke tsa nnete mme di lokile.”—Tšenolo 16:7