Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 61

Ba Ile ba Hana ho se Khumamela

Ba Ile ba Hana ho se Khumamela

Nakoana ka mor’a hore Morena Nebukadnezare a be le toro, o ile a etsa setšoantšo se seholo sa khauta. A se emisa thoteng ea Dura eaba o bitsa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa naheng eo, ba akarelletsang Shadrake, Meshake le Abednego ’me a re ba eme ka pel’a sona. Morena a laela a re: ‘Hang ha le utloa molumo oa literompeta, liharepa le liphala, le khumamele setšoantšo sena. Motho leha e le ofe ea sa se khumameleng o tla lahleloa ka mollong.’ Na Baheberu bao ba bararo ba tla khumamela setšoantšo, kapa ba tla rapela Jehova feela?

Morena a laela hore ho letsoe ’mino. Batho bohle ba khumama ’me ba rapela setšoantšo, ntle le Shadrake, Meshake le Abednego. Batho ba ba bona, eaba ba re ho morena: ‘Baheberu bao ba bararo ba hana ho rapela setšoantšo.’ Nebukadnezare a re ba bitsoe ’me a re ho bona: ‘Ke tlil’o le fa monyetla o mong oa hore le rapele setšoantšo sena. Haeba le sa se rapele, ke tlil’o le lahlela ka mollong. Ha ho na molimo ea ka le pholosang liatleng tsa ka.’ Ba re: ‘Ha re batle hore u re fe monyetla o mong hape. Molimo oa rona o tla re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, tseba Morena hore re ke ke ra rapela setšoantšo.’

Nebukadnezare a halefa haholo. A re ho banna ba hae: ‘Besang mollo hore o chese haholo ho feta mehleng.’ Eaba o re ho masole: ‘Tlamang banna bana le ba lahlele mollong.’ Mollo o ne o chesa hoo ha masole a atamela ho oona, a ileng a shoa hang-hang. Baheberu ba bararo bona ba oela ka mollong. Empa ha Nebukadnezare a sheba ka mollong, a bona ho e-na le banna ba bane ba ntseng ba tsamaea har’a mollo, empa ho lahletsoe ba bararo kamoo. A tšoha haholo ’me a re ho matona a hae: ‘Na ha rea lahlela banna ba bararo ka mollong? Empa joale ke bona ba bane ’me e mong oa bona ekare ke lengeloi.’

Eaba Nebukadnezare oa atamela ’me o re: ‘Tsoang ka moo, lona bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.’ Batho bohle ba makala ha ba bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tsoa ba sa cha. Mollo o ne a sa ba chesa letlalo, moriri, esita le liaparo ’me ba sa nkhe le ho cha.

Kahoo, Nebukadnezare a re: ‘Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego o moholo. O rometse lengeloi la hae ho ba pholosa. Ha ho na molimo ea kang eena.’

Na le uena ho tšoana le Baheberu bao ba bararo, u ikemiselitse ho lula u tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe se u etsahalla’ng?

“Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”—Matheu 4:10