Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 61

Ba ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho

Ba ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho

Nakwana ka mora hore Morena Nebukadnezare a lore, o ile a etsa setshwantsho se seholo sa kgauta. A se emisa thoteng ya Dura yaba o bitsa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa naheng eo, ba akarelletsang Shadrake, Meshake le Abednego, mme a re ba eme ka pela sona. Morena a laela a re: ‘Hang ha le utlwa modumo wa diterompeta, diharepa le diphala le kgumamele setshwantsho sena! Motho leha e le ofe ya sa se kgumameleng o tla lahlelwa ka mollong.’ Na Baheberu bao ba bararo ba tla kgumamela setshwantsho, kapa ba tla rapela Jehova feela?

Morena a laela hore ho letswe mmino. Batho ba bohle ba kgumama mme ba rapela setshwantsho, ha e se Shadrake, Meshake le Abednego. Batho ba ba bona, yaba ba re ho morena: ‘Baheberu bao ba bararo ba hana ho rapela setshwantsho.’ Nebukadnezare a re ba bitswe, mme a re ho bona: ‘Ke tlilo le fa monyetla o mong wa hore le rapele setshwantsho sena. Haeba le sa se rapele, ke tlilo le lahlela ka mollong. Ha ho na modimo ya ka le pholosang diatleng tsa ka.’ Ba re: ‘Ha re batle hore o re fe monyetla o mong hape. Modimo wa rona o tla re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, tseba Morena hore re ke ke ra rapela setshwantsho.’

Nebukadnezare a kwata haholo. A re ho banna ba hae: ‘Besang mollo hore o tjhese haholo ho feta mehleng!’ Yaba o re ho masole: ‘Tlamang banna bana le ba lahlele mollong!’ Mollo o ne o tjhesa hoo ha masole a atamela ho wona, a ileng a shwa hanghang. Baheberu ba bararo bona ba wela ka mollong. Empa ha Nebukadnezare a sheba ka mollong, a bona ho e na le banna ba bane ba ntseng ba tsamaya hara mollo, empa ho lahletswe ba bararo ka moo. A tshoha haholo, mme a re ho matona a hae: ‘Na ha re a lahlela banna ba bararo ka mollong? Empa jwale ke bona ba bane, mme e mong wa bona ekare ke lengeloi!’

Yaba Nebukadnezare o a atamela mme o re: ‘Tswang ka moo, lona bahlanka ba Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa!’ Batho bohle ba makala ha ba bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tswa ba sa tjha. Mollo o ne a sa ba tjhesa letlalo, moriri, esita le diaparo, mme ba sa nkge le ho tjha.

Kahoo, Nebukadnezare a re: ‘Modimo wa Shadrake, Meshake le Abednego o moholo. O rometse lengeloi la hae ho ba pholosa. Ha ho na modimo ya kang yena.’

Na le wena ho tshwana le Baheberu bao ba bararo, o ikemiseditse ho dula o tshepahala ho Jehova ho sa tsotellehe se o etsahallang?

“Ke Jehova Modimo wa hao eo o tla mo rapela, mme ke yena feela eo o tla mo etsetsa tshebeletso e halalelang.”—Matheu 4:10