Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 62

’Muso o Tšoana le Sefate se Seholo

’Muso o Tšoana le Sefate se Seholo

Bosiung bo bong, Nebukadnezare o ile a lora toro e tšosang. Eaba o bitsa banna ba bohlale hore ba mo hlalosetse eona. Empa ha ho le ea mong ea ileng a khona ho e hlalosa. Qetellong, morena a bua le Daniele.

Nebukadnezare a re ho Daniele: ‘Ke lorile sefate. Se ile sa hola hoo se ileng sa fihla leholimong. Batho bohle lefatšeng ba ne ba ka khona ho se bona. Se ne se e-na le makala a matle ’me se beha litholoana tse ngata. Liphoofolo li lula moriting oa sona ’me linonyana li haha lihlaha makaleng a sona. Eaba lengeloi le theoha leholimong. La re: “Rema sefate ’me u khaole makala a sona. Empa u siee kutu le methapo ea sona ’me u e tlame ka lebanta la tšepe le la koporo. Pelo ea sefate ha e sa tla hlola e e-ba ea batho, empa e tla ba ea sebata ’me ho tla feta linako tse supileng holim’a eona. Batho bohle ba tla ithuta hore Molimo ke ’Musi le hore a ka fa motho leha e le ofe eo a mo khethang bobusi.”’

Jehova o ile a bolella Daniele seo toro eo e se bolelang. Daniele o ile a tšoha haholo ha a utloa hore na toro eo e bolela’ng. A re: ‘Morena, ke lakatsa eka toro ena e ka be e bua ka lira tsa hao, empa joale e bua ka uena. Sefate se seholo se renngoeng se tšoantšetsa uena. U tla amohuoa borena ’me u tla ja joang joaloka phoofolo e hlaha. Empa kaha lengeloi le itse u siee kutu le methapo ea sona, u tla boela u be morena.’

Ka nako e ’ngoe, Nebukadnezare o ne a tsamaea marulelong a ntlo ea hae ea borena, a tsota botle ba Babylona. A re: ‘Ak’u bone kamoo ke hahileng motse ona o motle kateng. Ruri ke motho oa bohlokoa.’ Ha a ntse a bua joalo, lentsoe la hlaha leholimong, la re: ‘Nebukadnezare. Ha u sa le morena.’

Ka eona nako eo, Nebukadnezare a lahleheloa ke kelello ’me a tšoana le phoofolo e hlaha. Kahoo, a tlosoa ntlong ea borena, a il’o lula le liphoofolo tse hlaha. Moriri oa hae oa hola joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a ba malelele joaloka a nonyana.

Ka mor’a lilemo tse supileng, Nebukadnezare a hlaphoheloa ’me Jehova a mo busetsa boreneng ba Babylona. Eaba Nebukadnezare o re: ‘Ke rorisa Jehova, Morena oa maholimo. Joale kea tseba hore Jehova ke ’Musi. O kokobetsa ba ikhohomosang ’me a ka fa motho leha e le ofe eo a mo khethang bobusi.’

“Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18