Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 62

Mmuso o Tshwana le Sefate se Seholo

Mmuso o Tshwana le Sefate se Seholo

Ka bosiu bo bong, Nebukadnezare o ile a lora toro e tshosang. Yaba o bitsa banna ba hae ba bohlale hore ba mo hlalosetse yona. Empa ha ho le ya mong ya ileng a kgona ho e hlalosa. Qetellong, morena a bua le Daniele.

Nebukadnezare a re ho Daniele: ‘Ke lorile sefate. Se ile sa hola hoo se ileng sa fihla lehodimong. Batho bohle lefatsheng ba ne ba ka kgona ho se bona. Se ne se e na le makala a matle mme se beha ditholwana tse ngata. Diphoofolo di dula moriting wa sona, mme dinonyana di haha dihlaha makaleng a sona. Yaba lengeloi le theoha lehodimong. La re: “Rema sefate, mme o kgaole makala a sona. Empa o siye kutu le methapo ya sona, mme o e tlame ka lebanta la tshepe le la koporo. Pelo ya sefate ha e sa tla hlola e e ba ya batho, empa e tla ba ya sebata, mme ho tla feta dinako tse supileng hodima yona. Batho bohle ba tla ithuta hore Modimo ke Mmusi le hore a ka fa motho leha e le ofe eo a mo kgethang bobusi.”’

Jehova o ile a bolella Daniele seo toro eo e se bolelang. Daniele o ile a tshoha haholo ha a utlwa hore na toro eo e bolelang. A re: ‘Morena, ke lakatsa eka toro ena e ka be e bua ka dira tsa hao, empa jwale e bua ka wena. Sefate se seholo se renngweng se tshwantshetsa wena. O tla amohuwa borena, mme o tla ja jwang jwaloka phoofolo e hlaha. Empa kaha lengeloi le itse o siye kutu le methapo ya sona, o tla boela o be morena.’

Selemo ha morao, Nebukadnezare o ne a tsamaya marulelong a ntlo ya hae ya borena, a tsota botle ba Babylona. A re: ‘A ko bone kamoo ke hahileng motse ona o motle kateng. Ruri ke motho wa bohlokwa!’ Ha a ntse a bua jwalo, lentswe la hlaha lehodimong, la re: ‘Nebukadnezare! Ha o sa le morena.’

Ka yona nako eo, Nebukadnezare a lahlehelwa ke kelello mme a tshwana le phoofolo e hlaha. Kahoo, a tloswa ntlong ya borena, a ilo dula le diphoofolo tse hlaha. Moriri wa hae wa hola jwaloka masiba a ntsu mme manala a hae a ba malelele jwaloka a nonyana.

Ka mora dilemo tse supileng, Nebukadnezare a hlaphohelwa mme Jehova a mo busetsa boreneng ba Babylona. Yaba Nebukadnezare o re: ‘Ke rorisa Jehova, Morena wa mahodimo. Jwale ke a tseba hore Jehova ke Mmusi. O kokobetsa ba ikgohomosang, mme a ka fa motho leha e le ofe eo a mo kgethang bobusi.’

“Boikakaso bo etella ho wa pele, mme moya o ikgohomosang o etella ho kgoptjwa pele.”—Liproverbia 16:18