Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 63

Mongolo Leboteng

Mongolo Leboteng

Ha nako e ntse e ya, Belshatsare e ile ya e ba morena e motjha wa Babylona. Ka bosiu bo bong, o ile a mema matona a hae a sekete hore a tle moketeng. A re bahlanka ba hae ba tlise dijana tsa kgauta tseo Nebukadnezare a di nkileng tempeleng ya Jehova. Belshatsare le baeti ba hae ba nwella dijaneng tseo mme ba rorisa medimo ya bona. Yaba ka tshohanyetso, ho hlaha letsoho le leholo mme le qala ho ngola mantswe a makatsang leboteng la ntlong ya ho jela.

Belshatsare o ile a tshoha haholo. Yaba o bitsa maselamose mme o re ho ona: ‘Motho ya ka ntlhalosetsang hore na mantswe ana a bolelang, ke tla mo phahamisa boreneng ba Babylona.’ Maselamose a ile a leka ho hlalosa mantswe ao, empa a hloleha. Yaba mofumahadi o re: ‘Ho na le monna e mong ya bitswang Daniele ya neng a atisa ho hlalosetsa Nebukadnezare dintho. A ka o hlalosetsa hore na mantswe ao a bolelang.’

Kahoo, Daniele a tla ho morena. Belshatsare a re ho yena: ‘Ha o ka ntlhalosetsa hore na mantswe ana a bolelang, ke tla o fa sefaha sa kgauta ke be ke o phahamise boreneng ba Babylona.’ Daniele a re: ‘Ha ke batle dimpho tsa hao, empa ke tla o bolella hore na mantswe ana a bolelang. Ntate wa hao, Nebukadnezare, o ne a ikgohomosa mme Jehova o ile a mo kokobetsa. O tseba se mo etsahaletseng, empa o ntse o sa hlomphe Jehova kaha o nwella veine dijaneng tsa kgauta tse nkilweng ka tempeleng ya Hae. Kahoo, Modimo o ngotse mantswe ana: Mene, Mene, Tekel le Parsin. Mantswe ana a bolela hore Bamede le Bapersia ba tlo hapa Babylona, mme ha o sa tla hlola o e ba morena.’

Ho ne ho sa bonahale eka ho na le motho ya ka hapang Babylona. Motse oo o ne o sireleditswe ka marako a maholo ebile o potapotilwe ke noka e kgolo. Empa hona bosiung boo, Bamede le Bapersia ba o hlasela. Morena Cyruse wa Persia o ile a kgelosa metsi a noka e le hore masole a hae a fihle dihekeng tsa motse. Mme ha a fihla dihekeng, a fumana di butswe! Kahoo, masole a kena, yaba a hapa motse mme a bolaya morena. Ka mora moo, Cyruse ya e ba yena ya busang Babylona.

Le pele selemo se fela, Cyruse a re: ‘Jehova o ntaetse hore ke tsosolose tempele ya hae e Jerusalema. Motho leha e le ofe ya mo rapelang ya batlang ho ya e tsosolosa, a ka tsamaya.’ Kahoo, feela jwalokaha Jehova a ne a tshepisitse, Bajuda ba bangata ba ile ba kgutlela Jerusalema, dilemo tse 70 ka mora hore e fediswe. Yaba Cyruse o kgutlisa dijana tsa kgauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a di nkile tempeleng. Na o a bona hore na Jehova o ile a sebedisa Cyruse jwang ho thusa batho ba Hae?

“O wele! Babylona e Moholo o wele, mme o fetohile sebaka sa bodulo sa bademona.”—Tšenolo 18:2