Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 64

Daniele ka Sekoting sa Litau

Daniele ka Sekoting sa Litau

Morena e mong ea ileng a busa Babylona ke Dariuse oa Momede. Dariuse o ile a bona hore Daniele ke motho ea ikhethang. Eaba o beha Daniele hore a okamele matona a hae. Banna bana ba ne ba sa rate Daniele, kahoo ba batla ho mo bolaea. Ba ne ba tseba hore Daniele o rapela Jehova ka makhetlo a mararo ka letsatsi. Kahoo ba re ho Dariuse: ‘Morena, u lokela ho etsa molao o reng batho ba lokela ho rapela uena feela. Motho leha e le ofe ea sa mameleng molao oo o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.’ Dariuse o ile a lumellana le taba eo, eaba o saena molao oo.

Hang ha Daniele a utloa ka molao oo, a ea ntlong ea hae. A khumama pel’a fensetere e butsoeng ’me a rapela Jehova. Eaba banna bao ba mona ba itšohlometsa ka tlung ea hae ’me ba mo fumana a ntse a rapela. Ba mathela ho Dariuse ’me ba re: ‘Daniele ha a hlomphe molao oa hao. O rapela Molimo oa hae hararo ka letsatsi.’ Dariuse o ne a rata Daniele ’me a sa batle hore a bolaoe. A qeta letsatsi lohle a ntse a batla tsela ea ho sireletsa Daniele. Empa le eena morena o ne a sa khone ho fetola molao oo a o saenneng. Kahoo, a tlameha ho laela banna ba hae hore ba lahlele Daniele ka sekoting sa litau.

Bosiung boo, Dariuse ha aa ka a robala kaha o ne a khathatsehile ka Daniele. Eaba hoseng o mathela sekoting ’me o bitsa Daniele, o re: ‘Na Molimo oa hao o u pholositse?’

Dariuse a utloa motho a araba. E ne e le Daniele. A re ho Dariuse: ‘Lengeloi la Jehova le koetse litau melomo. Ha lia ntša kotsi.’ Dariuse a thaba haholo. Eaba o re banna ba hae ba ntše Daniele ka sekoting seo. Daniele o ne a se na le mongoapo feela ’meleng. Kahoo, morena a re: ‘Banna ba neng ba qosa Daniele ba lahleloe ka sekoting.’ Ha banna bao ba lahleloa ka sekoting, litau tsa ba ja.

Eaba Dariuse o ntša taelo e reng: ‘Batho bohle ba lokela ho hlompha Molimo oa Daniele. O pholositse Daniele molomong oa litau.’

Na le uena u rapela Jehova kamehla, joaloka Daniele?

“Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Petrose 2:9