Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 64

Daniele ka Sekoting sa Ditau

Daniele ka Sekoting sa Ditau

Morena e mong ya ileng a busa Babylona ke Dariuse wa Momede. Dariuse o ile a bona hore Daniele ke motho ya ikgethang. Yaba o beha Daniele hore a okamele matona a hae. Banna bana ba ne ba sa rate Daniele, kahoo ba batla ho mo bolaya. Ba ne ba tseba hore Daniele o rapela Jehova ka makgetlo a mararo ka letsatsi, kahoo ba re ho Dariuse: ‘Morena, o lokela ho etsa molao o reng batho ba lokela ho rapela wena feela. Motho leha e le ofe ya sa mameleng molao oo, o lokela ho lahlelwa ka sekoting sa ditau.’ Dariuse o ile a dumellana le taba eo, yaba o saena molao oo.

Hang ha Daniele a utlwa ka molao oo, a ya ntlong ya hae. A kgumama pela fensetere e butsweng mme a rapela Jehova. Yaba banna bao ba mo shwelang mona ba itshohlometsa ka tlung ya hae mme ba mo fumana a ntse a rapela. Ba mathela ho Dariuse mme ba re: ‘Daniele ha a hlomphe molao wa hao. O rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.’ Dariuse o ne a rata Daniele mme a sa batle hore a bolawe. A qeta letsatsi lohle a ntse a batla tsela ya ho sireletsa Daniele. Empa le yena morena o ne a sa kgone ho fetola molao oo a o saenneng. Kahoo, a tlameha ho laela banna ba hae hore ba lahlele Daniele ka sekoting sa ditau tse bohale.

Bosiung boo, Dariuse ha aa ka a robala kaha o ne a kgathatsehile ka Daniele. Yaba hoseng, o mathela sekoting mme o bitsa Daniele, o re: ‘Na Modimo wa hao o o pholositse?’

Dariuse a utlwa motho a araba. E ne e le Daniele! A re ho Dariuse: ‘Lengeloi la Jehova le kwetse melomo ya ditau. Ha di a nketsa letho.’ Dariuse a thaba haholo! Yaba o re banna ba hae ba ntshe Daniele ka sekoting seo. Daniele o ne a se na le mongwapo feela mmeleng. Kahoo, morena a re: ‘Lahlelang banna ba neng ba qosa Daniele ka sekoting.’ Ha banna bao ba lahlelwa ka sekoting, ditau tsa ba ja.

Yaba Dariuse o ntsha taelo e reng: ‘Batho bohle ba lokela ho hlompha Modimo wa Daniele. O pholositse Daniele molomong wa ditau.’

Na le wena o rapela Jehova kamehla, jwaloka Daniele?

“Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomodimo tekong.”—2 Petrose 2:9