Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 65

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Esthere e ne e le ngoanana oa Mojuda ea neng a lula motseng oa Persia o bitsoang Shushane. Nako e telele pele ho moo, Nebukadnezare o ne a nkile ba lelapa labo Jerusalema. Esthere o ne a holisoa ke mong ka eena ea bitsoang Mordekai, ea neng a sebeletsa Morena Assueruse oa Persia.

Morena Assueruse o ne a batla mofumahali ea mocha. Bahlanka ba hae ba ile ba mo tlisetsa baroetsana ba batle ka ho fetisisa naheng eo, ho akareletsa le Esthere. Har’a bona kaofela, morena o ile a khetha Esthere hore e be eena mofumahali. Mordekai o ile a re Esthere a se ke a ipolela hore ke Mojuda.

Monna e mong ea ikhohomosang ea bitsoang Hamane e ne e le eena ea okametseng likhosana tsohle naheng eo. O ne a batla hore batho bohle ba mo inamele. Mordekai o ile a hana ho mo inamela. Kahoo, Hamane a halefa ’me a batla ho mo bolaea. Ha Hamane a utloa hore Mordekai ke Mojuda, o ile a rera ho bolaea Bajuda bohle naheng eo. A re ho morena: ‘Bajuda ke batho ba kotsi; u lokela ho ba tlosa tseleng.’ Eaba Assueruse o re: ‘Etsa ntho leha e le efe eo u e batlang.’ A mo fa matla a ho etsa molao. Kahoo, Hamane a laela batho bohle hore ba bolaee Bajuda ka la 13 khoeling ea Adare. Jehova o ne a ntse a shebile.

Esthere o ne a sa tsebe ka molao oo. Kahoo, Mordekai a mo romela kopi ea oona ’me a re: ‘E-ea u bue le morena.’ Eaba Esthere o re: ‘Motho leha e le ofe ea eang ho morena a sa bitsoa o tla bolaoa. Ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mpitse. Empa ke tla ea. Haeba a ka ’nanabeletsa lere la hae la borena, ke tla phela. Ho seng joalo, ke tla bolaoa.’

Eaba Esthere o ea lebaleng la morena. Ha morena a mo bona, a mo nanabeletsa lere la hae la borena. Esthere a ea ho eena ’me morena a re: ‘Nka u etsetsa’ng, Esthere?’ Esthere a re: ‘Ke kopa hore uena le Hamane le tle lijong.’ Ha ba le lijong, Esthere a boela a ba mema hore ba tle hape. Ha ba tlileng lijong ka lekhetlo lena la bobeli, morena a boela a botsa Esthere a re: ‘U batla ke u etsetse’ng?’ A re: ‘Ho na le motho ea batlang ho mpolaea ’na le batho ba heso. Ke kopa u re sireletse.’ Morena a re: ‘Ke mang ea batlang ho u bolaea?’ Esthere a re: ‘Ke monna enoa ea khopo ea bitsoang Hamane.’ Morena Assueruse a halefa haholo hoo a ileng a re Hamane a bolaoe hang-hang.

Empa esita le morena o ne a ke ke a etsolla molao oo Hamane a o entseng. Kahoo, morena a beha Mordekai hore a okamele likhosana ’me a mo fa matla a ho etsa molao o mocha. Eaba Mordekai o etsa molao o neng o lumella Bajuda hore ba itšireletse ha ba hlaseloa. Kahoo, Bajuda ba hlola lira tsa bona ka la 13 khoeling ea Adare. Ho tloha ka nako eo, ba ile ba keteka tlholo ena selemo le selemo.

“Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.”—Matheu 10:18