Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 67

Marako a Jerusalema

Marako a Jerusalema

A re nahaneng ka boemo bo neng bo le Jerusalema dilemo tse seng kae pejana ho moo. Nehemia ya neng a sebeletsa Morena Artaxerxese, e ne e le Moiseraele ya dulang motseng wa Persia o bitswang Shushane. Ngwanabo Nehemia ya tswang Juda o ile a mo tlisetsa ditaba tse bohloko, a re: ‘Baiseraele ba Jerusalema ha ba a sireletseha. Diheke le marako a motse ao Bababylona ba a sentseng a ntse a e so tsosoloswe.’ Taba ena e ile ya utlwisa Nehemia bohloko. Kahoo, a rera ho kgutlela Jerusalema ho ya thusa, mme a kopa Jehova hore a etse hore morena a mo lokolle.

Ha morao, morena o ile a hlokomela hore Nehemia ha aa thaba. Yaba o re: ‘Ke qala ho o bona o le tjena. Bothata keng?’ Nehemia a re: ‘Nka tlohela ho utlwa bohloko jwang, empa marako a motse wa heso wa Jerusalema a wele?’ Kahoo, morena a re: ‘O batla ke o thuse kang?’ Hanghang, Nehemia a rapella ka pelong. A ntano re: ‘Ke kopa o ntumelle hore ke kgutlele Jerusalema ho ya tsosolosa marako.’ Morena Artaxerxese a re Nehemia a tsamaye, mme a etsa bonnete ba hore o tla sireletseha ha a le tseleng. A boela a beha Nehemia e le mmusisi wa Juda mme a mo fa mapolanka a ho etsa diheke.

Ha Nehemia a fihla Jerusalema, o ile a hlahloba marako a motse. Ka mora moo, a bokella baprista le baetapele mme a re ho bona: ‘Taba ena e mpe. Re lokela ho tsosolosa marako.’ Ba dumellana le yena, mme ba qala ho a tsosolosa.

Empa dira tsa Baiseraele tsa qala ho soma, tsa re: ‘Le phokojwe e ka diha lerako lena leo le le hahang.’ Empa Baiseraele ha ba a ka ba mamela ditshomo tseo mme ba tswela pele ba haha. Lerako la nna la nyoloha.

Yaba dira tsa Baiseraele di rera ho hlasela Jerusalema ka tshohanyetso. Ha Bajuda ba utlwa seo, ba tshoha. Empa Nehemia a re: ‘Le se ke la tshoha. Jehova o na le rona.’ Kahoo, a beha balebedi ho kata basebetsi, mme dira tsa sitwa ho ba hlasela.

Ba ile ba nka matsatsi a 52 feela hore ba qete marako le diheke tsa motse. Ka mora moo, Nehemia a bitsa Balevi bohle hore ba tle Jerusalema moketeng wa nehelo. A ba hlophisa hore ebe dihlopha tse pedi tsa dibini. Ba hlwella lerakong ka ditepisi tse Hekeng ya Sediba ba ntano pota motse ba o hlaha ka mahlakoreng a sa tshwaneng. Ba binela Jehova mme ba letsa diterompeta, dicymbala le diharepa. Esdrase a tsamaya le sehlopha se seng, mme Nehemia a tsamaya le se seng, ho fihlela ba kopana tempeleng. Batho bohle—banna, basadi le bana—ba etsetsa Jehova mahlabelo mme ba keteka. Motho o ne a utlwa a le hole hore ba thabile.

“Sebetsa leha e le sefe se tla etswa kgahlanong le wena se ke ke sa atleha.”—Esaia 54:17