Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 68

Elizabetha o ba le Ngoana

Elizabetha o ba le Ngoana

Lilemo tse fetang 400 ka mor’a hore marako a Jerusalema a tsosolosoe, ho ne ho e-na le moprista ea bitsoang Zakaria le mosali oa hae, Elizabetha, ba neng ba lula haufi le motse oo. E ne e le khale ba nyalane empa ba se na bana. Ka letsatsi le leng ha Zakaria a ntse a nyehela libano sehalalelong sa tempele, lengeloi Gabriele la itlhahisa ho eena. Zakaria o ile a tšoha, empa Gabriele a re ho eena: ‘U se ke oa tšoha. Ke u tliselitse litaba tse monate tse tsoang ho Jehova. Mosali oa hao Elizabetha o tla ba le mora ’me le tla mo reha Johanne. Jehova o khethile Johanne hore a etse mosebetsi o khethehileng.’ Zakaria a mo botsa a re: ‘Ke tla tsebella kae hore u bua ’nete? ’Na le mosali oa ka re se re tsofetse hore re ka ba le ngoana.’ Eaba Gabriele o re ho eena: ‘Ke Molimo ea itseng ke u bolelle litaba tsena. Empa kaha ha u nkholoe, u tla ba semumu ho fihlela ngoana a hlahile.’

Zakaria o ile a qeta nako e telele ho feta mehleng a le ka sehalalelong. Kahoo, qetellong ha a tsoa, batho ba neng ba le ka ntle ba batla ho tseba hore na ho etsahetse’ng. Empa Zakaria o ne a sa khone ho bua. O ne a khona ho bua ka matsoho feela. Eaba batho baa hlokomela hore Zakaria o boleletsoe litaba tse tsoang ho Molimo.

Ha nako e ntse e ea, Elizabetha o ile a ima ’me a ba le ngoana oa moshanyana, feela joalokaha lengeloi le ne le boletse. Metsoalle le beng ka eena ba tla ho tla bona ngoana. Ba ne ba mo thabetse haholo. Elizabetha a re: ‘Lebitso la hae e tla ba Johanne.’ Ba re: ‘Ha ho na motho ea bitsoang Johanne lelokong la habo lona. Mo rehelleng ka Zakaria, ntate oa hae.’ Empa Zakaria a ngola fatše, a re: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’ Ka eona nako eo, Zakaria a boela a khona ho bua. Litaba tsa hore Johanne o teng tsa tlala hohle Judea ’me batho ba ipotsa ba re: ‘Ngoana enoa e tla ba eng ha a hola?’

Joale Zakaria a tlala moea o halalelang. A profeta, a re: ‘Ho bokoe Jehova. O tšepisitse Abrahama hore o tla romela Mesia ho re lopolla. Johanne e tla ba moprofeta ’me a lokisetse Mesia tsela.’

Maria ea amanang le Elizabetha le eena o ile a etsahalloa ke ntho e hlollang. A re utloe hore na eena o ile a etsahalloa ke eng khaolong e latelang.

“Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” —Matheu 19:26