Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 68

Elizabetha o ba le Ngwana

Elizabetha o ba le Ngwana

Dilemo tse fetang 400 ka mora hore marako a Jerusalema a tsosoloswe, ho ne ho e na le moprista ya bitswang Zakaria le mosadi wa hae, Elizabetha, ba neng ba dula haufi le motse oo. E ne e le kgale ba nyalane empa ba se na bana. Ka letsatsi le leng ha Zakaria a ntse a nyehela dibano sehalalelong sa tempele, lengeloi Gabriele la itlhahisa ho yena. Zakaria o ile a tshoha, empa Gabriele a re ho yena: ‘O se ke wa tshoha. Ke o tliseditse ditaba tse monate tse tswang ho Jehova. Mosadi wa hao Elizabetha o tla ba le mora mme le tla mo reha Johanne. Jehova o ne a kgethile Johanne hore a etse mosebetsi o kgethehileng.’ Zakaria a mo botsa a re: ‘Ke tla tsebella kae hore o bua nnete? Nna le mosadi wa ka re se re tsofetse hore re ka ba le ngwana.’ Yaba Gabriele o re ho yena: ‘Ke Modimo ya itseng ke o bolelle ditaba tsena. Empa kaha ha o nkgolwe, o tla ba semumu ho fihlela ngwana a hlahile.’

Zakaria o ile a qeta nako e telele ho feta mehleng a le ka sehalalelong. Kahoo, qetellong ha a tswa, batho ba neng ba le ka ntle ba batla ho tseba hore na ho etsahetseng. Empa Zakaria o ne a sa kgone ho bua. O ne a kgona ho bua ka matsoho feela. Yaba batho ba a hlokomela hore Zakaria o boleletswe ditaba tse tswang ho Modimo.

Ha nako e ntse e ya, Elizabetha o ile a ima mme a ba le ngwana wa moshanyana, feela jwalokaha lengeloi le ne le boletse. Metswalle le beng ka yena ba tla ho tla bona ngwana. Ba ne ba mo thabetse haholo. Elizabetha a re: ‘Lebitso la hae e tla ba Johanne.’ Ba re: ‘Ha ho na motho ya bitswang Johanne lelokong la habo lona. Mo rehelleng ka Zakaria, ntate wa hae.’ Empa Zakaria a ngola fatshe, a re: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’ Ka yona nako eo, Zakaria a boela a kgona ho bua! Ditaba tsa ho tswalwa ha Johanne tsa tlala hohle Judea, mme batho ba ipotsa, ba re: ‘Ngwana eo e tla ba eng ha a hola?’

Jwale Zakaria a tlala moya o halalelang. A profeta, a re: ‘Ho bokwe Jehova. O tshepisitse Abrahama hore o tla romela Mesia ho re lopolla. Johanne e tla ba moprofeta, mme a lokisetse Mesia tsela.’

Maria ya amanang le Elizabetha le yena o ile a etsahallwa ke ntho e hlollang. A re utlweng hore na kgaolong e latelang ho ile ha etsahalang ho yena.

“Ho batho hona ho ke ke ha kgoneha, empa dintho tsohle dia kgoneha ho Modimo.”—Matheu 19:26