Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 69

Gabriele o Etela Maria

Gabriele o Etela Maria

Elizabetha o ne a amana le morwetsana e mong ya bitswang Maria, ya neng a dula motseng wa Nazaretha o Galilea. Maria o ne a tlo nyalwa ke Josefa wa mmetli. Ha Elizabetha e le moimana wa dikgwedi tse tsheletseng, lengeloi Gabriele la tla ho Maria. La re: ‘Dumela Maria. Jehova o o hlohonolofaditse haholo.’ Maria ha aa ka a utlwisisa hore na seo se bolelang. Yaba Gabriele o re ho yena: ‘O tla emola mme o tswale mora, o tla mo reha lebitso la Jesu. E tla ba Morena. Mmuso wa hae o ke ke wa fela.’

Maria a re: ‘Empa ha ke a nyalwa. Nka ba le ngwana jwang?’ Gabriele a re: ‘Ha ho letho leo Jehova a ke keng a le kgona. Moya o halalelang o tla theohela hodima hao, mme o tla ba le mora. Mong ka wena Elizabetha le yena ke moimana.’ Yaba Maria o re: ‘Ke lekgabunyane la Jehova. E se eka ho ka etsahala seo o se buileng.’

Ka mora moo, Maria a etela Elizabetha motseng o maralleng. Ha Maria a mo dumedisa, lesea le ka mpeng ya Elizabetha la tlola. Elizabetha a tlala moya o halalelang, mme a re: ‘Maria, Jehova o o hlohonolofaditse. Ke tlotla ho etelwa ke mme wa Morena wa ka.’ Maria a re: ‘Ke tlotlisa Jehova ka pelo ya ka yohle.’ Maria o ile a qeta dikgwedi tse tharo a e na le Elizabetha, a ntano kgutlela ha habo Nazaretha.

Ha Josefa a utlwa hore Maria ke moimana, a rera ho mo hlala. Empa lengeloi la tla ho yena ka toro, mme la re: ‘O se ke wa tshaba ho nyala Maria. Ha aa etsa letho le phoso.’ Kahoo, Josefa a nyala Maria mme a mo isa ha hae.

“Jehova o entse ntho e nngwe le e nngwe eo a [thabelang] ho e etsa mahodimong le lefatsheng.”—Pesaleme ya 135:6