Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 70

Mangeloi a Bolela Tsoalo ea Jesu

Mangeloi a Bolela Tsoalo ea Jesu

’Musi oa Moroma ea bitsoang Cesare Augustase o ile a laela Bajuda bohle hore ba ee metseng ea habo bona ho ea ingolisa teng. Kahoo, Josefa le Maria ba ea Bethlehema, e leng moo lelapa labo Josefa le tsoang teng. Maria o ne a se a le haufi le ho ba le ngoana.

Ha ba fihla Bethlehema, ba fumana ho se moo ba ka fihlelang teng haese setaleng. Ha ba ntse ba le moo Maria a ba le Jesu. A mo phuthela ka masela ’me a mo robatsa ka sejelong.

Ho ne ho e-na le balisa naheng, ba lisitse mehlape bosiu haufi le Bethlehema. Ka tšohanyetso, lengeloi la hlaha ka pel’a bona ’me ba lika-liketsoa ke khanya ea Jehova. Balisa bao ba tšoha, empa lengeloi la re ho bona: ‘Le se ke la tšoha. Ke le tšoaretse litaba tse monate. Kajeno Mesia o hlahile Bethlehema.’ Ka eona nako eo, ha hlaha mangeloi a mang a mangata, a re: ‘Khanya e be ho Molimo ea maholimong ’me khotso e be lefatšeng.’ Eaba mangeloi ao a nyamela. Balisa bao ba ile ba etsa’ng?

Ba ile ba re: ‘A re eeng Bethlehema hang-hang.’ Eaba baa ea ’me ba fumana Josefa le Maria ka setaleng ba e-na le lesea la bona.

Batho bohle ba ileng ba utloa seo lengeloi le se boleletseng balisa bao ba makala. Maria o ile a nahana ka ho teba ka seo lengeloi le se buileng ’me ha aa ka a se lebala. Ka mor’a moo, balisa ba khutlela mehlapeng ea bona ’me ba leboha Jehova ka sohle seo ba se utloileng le ho se bona.

“Ke tlile ke tsoa ho Molimo ’me ke mona. Hape ho hang ha kea tla e le ho itsoelang ho ’na, empa Eo o nthomile.”—Johanne 8:42