Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 71

Jehova o Sireletsa Jesu

Jehova o Sireletsa Jesu

Naheng e ’ngoe e ka bochabela ho Iseraele, ho ne ho lula batho ba lumelang hore linaleli lia ba tataisa. Ka le leng bosiu, ba ile ba bona ntho e kang naleli e tsamaea sepakapakeng ’me ba e sala morao. “Naleli” eo ea ba isa Jerusalema. Banna bao ba tsoang Bochabela ba qala ho botsa batho, ba re: ‘O kae ngoana eo e tl’o ba morena oa Bajuda? Re tlile ho tl’o mo inamela.’

Morena oa Jerusalema ea bitsoang Heroda o ile a ferekana haholo ha a utloa ka morena eo e mocha. Kahoo, a botsa baprista ba ka sehloohong, a re: ‘Ngoana enoa eo ho thoeng e tl’o ba morena, o lokela ho hlahela hokae?’ Ba re: ‘Baprofeta ba itse o tla hlahela Bethlehema.’ Eaba Heroda o bitsa banna ba tsoang Bochabela ’me o re ho bona: ‘E-eang Bethlehema ’me le fumane ngoana eo. Ha le mo fumane le khutle, le mpolelle hore na o hokae. Le ’na ke batla ho mo inamela.’ Empa o ne a bua leshano.

“Naleli” eo ea qala ho tsamaea hape. Banna bao ba e sala morao ho ea Bethlehema. Ea fihla ea ema ka holim’a ntlo e ’ngoe ’me banna bao ba kena ka har’a eona. Ba fumana Jesu le ’mè oa hae, Maria. Ba khumamela ngoana ’me ba mo fa khauta, libano tse tšoeu le myra e le limpho. Na ke Jehova ea neng a romme banna baa hore ba ee ho Jesu? Che.

Bosiung boo, Jehova a re ho Josefa ka toro: ‘Heroda o batla ho bolaea Jesu. Nka mosali oa hao le ngoana le balehele Egepeta. Le lule moo ho fihlela ke le bolella hore le khutle.’ Hang-hang, Josefa a nka ba lelapa la hae ba ea Egepeta.

Jehova o ile a bolella banna ba tsoang Bochabela hore ba se ke ba khutlela ho Heroda. Heroda a halefa haholo ha a bona ba se ba sa khutle. Kaha o ne a sa tsebe hore na Jesu o hokae, a laela hore bana bohle ba bashanyana ba lekanang le Jesu ba Bethlehema ba bolaoe. Empa Jesu o ne a le hole koana Egepeta.

Ka mor’a nako, Heroda o ile a shoa. Kahoo, Jehova a re ho Josefa: ‘Joale u ka khutla. Heroda o shoele.’ Josefa, Maria le Jesu ba ile ba khutlela Iseraele ’me ba lula motseng oa Nazaretha.

“Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11