Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 72

Ha Jesu a Ntse a Hola

Ha Jesu a Ntse a Hola

Josefa le Maria ba ne ba lula Nazaretha le Jesu le bana ba bona ba bang. Josefa o ne a phelisa ba lelapa la hae ka ho betla mapolanka ’me a ruta bana ba hae ka Jehova le Molao oa hae. Lelapa la hae le ne le lula le ea synagogeng ho ea rapela ’me selemo le selemo le ea Jerusalema moketeng oa Paseka.

Ha Jesu a le lilemo li 12, lelapa labo le ile la ea Jerusalema joalokaha e le tloaelo. Motse oo o ne o le hole ’me o phethesela batho ba tlileng moketeng oa Paseka. Ka mor’a moo, Josefa le Maria ba kena tseleng ba khutlela hae, ba nahana hore Jesu o tsamaea le ba bang ba seng ba le pele. Empa ha ba mo sheba har’a beng ka bona, ba se ke ba mo fumana.

Ba khutlela Jerusalema ’me ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba mo batla. Qetellong, ba fihla tempeleng. Ba fumana Jesu, a lutse har’a mesuoe a e mametse ka hloko ’me a e botsa lipotso. Mesuoe e ne e makaletse bohlale ba Jesu hoo le eona e ileng ea qala ho mo botsa lipotso, ’me ea hlolloa ke likarabo tsa hae. E ne e bona hore o utloisisa Molao oa Jehova.

Josefa le Maria ba ne ba khathatsehile haholo. Maria a re: ‘Ngoana, ke khale re u batla. U tsoa kae?’ Jesu a re: ‘Le ne le sa tsebe hore ke lokela ho ba ka tlung ea Ntate?’

Ka mor’a moo, Jesu a khutlela habo Nazaretha le batsoali ba hae. Josefa a mo ruta mosebetsi oa ho betla mapolanka. U nahana hore Jesu o ne a le joang ha a ntse a hola? Ha Jesu a ntse a hola, o ile a hlalefa ’me Molimo le batho ba mo rata.

“Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.”—Pesaleme ea 40:8