Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 73

Johanne o Thusa Batho Hore ba Tle ba Amohele Jesu

Johanne o Thusa Batho Hore ba Tle ba Amohele Jesu

Johanne mora oa Zakaria le Elizabetha, e ile ea e-ba moprofeta ha a se a holile. Jehova o ile a re Johanne a rute batho hore Mesia oa tla. Ho e-na le hore a rute ka lisynagogeng le litoropong, o ne a rutela lefeelleng. Batho ba tsoang Jerusalema le Judea ba ne ba tla ho tla rutoa ke Johanne. O ne a re ba lokela ho tlohela ho etsa lintho tse mpe e le hore ba thabise Jehova. Ka mor’a moo, ba bangata ba ile ba tlohela ho etsa lintho tse mpe eaba ba kolobetsoa Nokeng ea Jordane.

Johanne o ne a se na lintho tse ngata, a apara liaparo tse entsoeng ka boea ba kamele ’me a ja marutle le mahe a linotši. Batho ba ne ba ipotsa lipotso tse ngata ka Johanne. Esita le Bafarisi le Basaduse ba ne ba tla ho tla mo bona. Johanne o ne a re ho bona: ‘Le lokela ho tlohela lintho tse mpe tseo le li etsang ’me le bake. Le se ke la nahana hore le betere hobane feela le le bana ba Abrahama. Seo ha se bolele hore le bana ba Molimo.’

Batho ba bangata ba ile ba tla ho Johanne ’me ba re: ‘Re lokela ho etsa’ng e le hore re thabise Molimo?’ Johanne a re ho bona: ‘Haeba u e-na le libaki tse peli, fa motho ea se nang eona e ’ngoe.’ Na oa tseba hore ke hobane’ng ha a ne a cho joalo? O ne a batla hore barutuoa ba hae ba tsebe hore ba lokela ho rata batho ba bang e le hore ba thabise Molimo.

Johanne o ile a re ho batho ba bokellang lekhetho: ‘Ha lea lokela ho qhekella batho ba bang.’ A re ho masole: ‘Le se ke la nka tjotjo kapa la bua leshano.’

Baprista le Balevi le bona ba ile ba tla ho Johanne ’me ba re: ‘Ha e le hantle u mang? Batho bohle ba batla ho tseba.’ Johanne a re ho bona: ‘Ke thusa batho hore e be metsoalle ea Jehova, joalokaha Esaia a boletse esale pele.’

Batho ba ne ba rata lintho tseo Johanne a ba rutang tsona. Ba bangata ba ipotsa hore na ebe ke eena Mesia. Eaba o re ho bona: ‘Ho na le ea moholo ho ’na ea tlang. Ke motho ea tlaase haholo ha ke bapisoa le eena. ’Na ke kolobetsa ka metsi, empa eena o kolobetsa ka moea o halalelang.’

“Motho enoa o ile a tla hore a fane ka bopaki, e le hore a pake mabapi le leseli, e le hore batho ba mefuta eohle ba ka lumela ka eena.”—Johanne 1:7