Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 73

Johanne o Lokisa Tsela

Johanne o Lokisa Tsela

Johanne mora wa Zakaria le Elizabetha, e ile ya e ba moprofeta ha a se a hodile. Jehova o ile a re Johanne a rute batho hore Mesia o a tla. Ho e na le hore a rute ka disynagogeng le ditoropong, o ne a rutela lefeelleng. Batho ba tswang Jerusalema le Judea ba ne ba tla ho tla rutwa ke Johanne. O ne a re ba lokela ho tlohela ho etsa dintho tse mpe e le hore ba thabise Modimo. Ka moraho mamela seo Johanne a neng a se ruta, ba bangata ba ile ba tlohela ho etsa dintho tse mpe yaba Johanne o ba kolobetsa Nokeng ya Jordane.

Johanne o ne a se na dintho tse ngata. O ne a apara diaparo tse entsweng ka boya ba kamele, mme a ja marutle le mahe a dinotshi. Batho ba ne ba ipotsa dipotso tse ngata ka Johanne. Esita le Bafarisi le Basaduse ba ne ba tla ho tla mo bona. Johanne o ne a re ho bona: ‘Le lokela ho tlohela dintho tse mpe tseo le di etsang mme le bake. Le se ke la nahana hore le betere hobane feela le le bana ba Abrahama. Seo ha se bolele hore le bana ba Modimo.’

Batho ba bangata ba ile ba tla ho Johanne mme ba re: ‘Re lokela ho etsang e le hore re thabise Modimo?’ Johanne a re ho bona: ‘Haeba o e na le dibaki tse pedi, fa motho ya se nang yona e nngwe.’ Na o a tseba hore ke hobaneng ha a ne a tjho jwalo? O ne a batla hore barutuwa ba hae ba tsebe hore ba lokela ho rata batho ba bang e le hore ba thabise Modimo.

Johanne o ile a re ho batho ba bokellang lekgetho: ‘Ha le a lokela ho qhekella batho ba bang.’ A re ho masole: ‘Le se ke la nka tjotjo kapa la bua leshano.’

Baprista le Balevi le bona ba ile ba tla ho Johanne mme ba re: ‘Ha e le hantle o mang? Batho bohle ba batla ho tseba.’ Johanne a re ho bona: ‘Ke thusa batho hore e be metswalle ya Jehova, jwalokaha Esaia a boletse esale pele.’

Batho ba ne ba rata dintho tseo Johanne a ba rutang tsona. Ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ebe ke yena Mesia. Yaba o re ho bona: ‘Ho na le e moholo ho nna ya tlang. Ke motho ya tlase haholo ha ke bapiswa le yena. Nna ke kolobetsa ka metsi, empa yena o tla kolobetsa ka moya o halalelang.’

“Motho enwa o ile a tla hore a fane ka bopaki, e le hore a pake mabapi le lesedi, e le hore batho ba mefuta yohle ba ka dumela ka yena.”—Johanne 1:7