Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 74

Jesu e E-⁠ba Mesia

Jesu e E-⁠ba Mesia

Johanne o ne a ntse a ruta a re: ‘Ho na le ea moholo ho ’na ea tlang.’ Ha Jesu a le lilemo li ka bang 30, o ile a tloha Galilea a ea Nokeng ea Jordane, moo Johanne a neng a ntse a kolobetsa batho teng. Jesu o ne a batla hore Johanne a mo kolobetse, empa Johanne a re: ‘Ha kea lokela ho u kolobetsa. Ke uena ea lokelang ho nkolobetsa.’ Eaba Jesu o re ho eena: ‘Jehova o batla hore u nkolobetse.’ Kahoo, ba kena ka Nokeng ea Jordane ’me Johanne a qoelisa Jesu ka metsing.

Ha Jesu a tsoa ka metsing a rapela. Eaba leholimo la buleha ’me moea o halalelang o theohela ho eena joaloka leeba. Jehova a bua a le leholimong a re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”

Ka mor’a hore moea o halalelang o theohele ho Jesu, o ile a fetoha Kreste kapa Mesia. Joale o ne a ka etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.

Hang ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a ea lefeelleng ’me a qeta matsatsi a 40 moo. Ha a khutla, a ea ho Johanne. Ha Johanne a mo bona, a re: ‘Enoa ke Konyana ea Molimo e tlosang sebe lefatšeng.’ Ka tsela eo, o ne a bolella batho hore Jesu ke Mesia. Na oa tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a ntse a le lefeelleng? A re bone.

“Lentsoe le tsoa maholimong: ‘U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.’”—Mareka 1:11