Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 75

Diabolose o Leka Jesu

Diabolose o Leka Jesu

Ka mora hore Jesu a kolobetswe, moya o halalelang o ile wa mo isa lefeelleng. O ile a qeta matsatsi a 40 a sa je, kahoo a lapa haholo. Yaba Diabolose o re ho yena: ‘Haeba ke nnete hore o Mora wa Modimo, e re majwe ana a fetohe bohobe.’ Jesu a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Ho ngodilwe hore motho a ke ke a phela ka dijo feela. Empa o lokela ho mamela ditaelo tsohle tsa Jehova.’

Diabolose a boela a leka Jesu a re: ‘Haeba o Mora wa Modimo e le kannete, itihele fatshe o le mona hodima tempele. Ho ngodilwe ha thwe Modimo o tla roma mangeloi a hae hore a o kape.’ Jesu a boela a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Ho ngodilwe ho thwe o se ke wa leka Jehova.’

Ka mora moo, Satane a bontsha Jesu mebuso yohle ya lefatshe, yaba o re: ‘Haeba o ka nthapela hanngwe feela, ke tla o fa mebuso ena yohle eo o e bonang.’ Empa Jesu a re ho yena: ‘Tloha Satane! Hobane ho ngodilwe ho thwe o lokela ho rapela Jehova feela.’

Yaba Diabolose o a tloha mme mangeloi a tlisetsa Jesu dijo. Ka mora moo, Jesu a qala ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo. Ke wona mosebetsi oo Jehova a neng a mo rometse hore a tlo o etsa lefatsheng. Batho ba bangata ba ne ba rata dintho tseo Jesu a ba rutang tsona, kahoo ba mo sala morao hohle moo a yang teng.

“Ha [Diabolose] a bua leshano, o bua ho ya ka tshekamelo ya hae, hobane o leshano mme ke ntate wa leshano.”—Johanne 8:44