Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 76

Jesu o Hloekisa Tempele

Jesu o Hloekisa Tempele

Jesu o ile a ea Jerusalema ka selemo sa 30. Batho ba bangata le bona ba ne ba tlile Jerusalema moketeng oa Paseka, ba etsa mahlabelo ka liphoofolo tempeleng. Ba bang ba ne ba tla le liphoofolo ho tloha hae, ha ba bang bona ba ne ba li reka Jerusalema.

Ha Jesu a fihla tempeleng, a fumana batho ba ntse ba rekisetsa liphoofolo ka ntlong ea Jehova. Ba etsa chelete ka ntlong ea Jehova. Jesu o ile a etsa’ng? A etsa sephali ka liropo eaba o tebela linku le likhomo ka tempeleng ka sona. A phethola litafole tsa batho ba rekisang ’me a qhalla chelete ea bona fatše. Jesu a re ho ba rekisang maeba: ‘Ntšang maeba ana ka mona. Le se ke la fetola ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo.’

Batho ba ka tempeleng ba makatsoa ke seo Jesu a se etsang. Barutuoa ba hae ba hopola boprofeta bo buang ka Mesia, bo reng: ‘Ke tla chesehela ntlo ea Jehova.’

Jesu o ile a boela a hloekisa tempele ka selemo sa 33. Ha aa ka a lumella batho hore ba hlompholle ntlo ea Ntate oa hae.

“Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.”—Luka 16:13