Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 76

Jesu o Hlwekisa Tempele

Jesu o Hlwekisa Tempele

Jesu o ile a ya Jerusalema ka selemo sa 30. Batho ba bangata le bona ba ne ba tlile Jerusalema moketeng wa Paseka. Ba etsa mahlabelo ka diphoofolo tempeleng. Ba bang ba ne ba tla le diphoofolo ho tloha hae, ha ba bang bona ba ne ba di reka Jerusalema.

Ha Jesu a fihla tempeleng, a fumana batho ba ntse ba rekisa diphoofolo. Ba etsa tjhelete ka ntlong ya Jehova! Jesu o ile a etsang? A etsa sephadi ka diropo yaba o tebela dinku le dikgomo ka tempeleng ka sona. A phethola ditafole tsa batho ba rekisang, mme a qhala tjhelete ya bona fatshe. Jesu a re ho ba rekisang maeba: ‘Ntshang maeba ana ka mona! Le se ke la fetola ntlo ya Ntate, ntlo ya kgwebo!’

Batho ba ka tempeleng ba makatswa ke seo Jesu a se etsang. Barutuwa ba hae ba hopola boprofeta bo buang ka Mesia, bo reng: ‘Ke tla tjhesehela ntlo ya Jehova.’

Jesu o ile a boela a hlwekisa tempele ka selemo sa 33. Ha aa ka a dumella hore batho ba iketsetse borata ntlong ya Ntate wa hae.

“Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.”—Luka 16:13