Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 77

Jesu o Bua le Mosadi Sedibeng

Jesu o Bua le Mosadi Sedibeng

Ka mora Paseka, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba feta Samaria ha ba kgutlela Galilea. Ha ba le tseleng, Jesu a phomola pela sediba sa Jakobo, haufi le motse wa Sikare. Ha a ntse a phomotse moo, barutuwa ba hae ba ya motseng ho ya reka dijo.

Yaba mosadi e mong o tla sedibeng ho tla kga metsi. Jesu a re ho yena: “Ke kopa o mphe metsi.” Mosadi eo a re: ‘Ke hobaneng ha o mpuisa? Ke Mosamaria. Bajuda ha ba buisane le Basamaria.’ Jesu a re ho yena: ‘Hoja o ne o ntseba, o ka be o nkopa metsi mme ke ne ke tla o fa metsi a phelang.’ Mosadi eo a re: ‘O bolelang? Ebile ha o na nkgo.’ Yaba Jesu o re: ‘Mang kapa mang eo ke mo fang metsi ana, a ke ke a hlola a nyorwa.’ Mosadi eo a re: “Mohlomphehi, ke kopa o mphe metsi ao.”

Jesu a re: ‘Tloo le monna wa hao sedibeng mona.’ Mosadi a re: ‘Ha ke na monna.’ Jesu a re: ‘O bua nnete. O nyetswe ka makgetlo a mahlano, hona jwale o dula le monna eo o sa nyalanang le yena.’ Mosadi eo a re: ‘Ke a bona hore o moprofeta. Rona Basamaria re dumela hore re lokela ho rapela Modimo thabeng ena, empa Bajuda ba re re lokela ho mo rapela Jerusalema. Empa ke dumela hore ha Mesia a fihla o tla re bolella hore na re lokela ho mo rapela hokae.’ Yaba Jesu o mo bolella ntho eo a eso ka a e bolella motho leha e le ofe, a re: ‘Ke nna Mesia.’

Ka mora moo, mosadi eo a mathela motseng a re ho batho ba motse: ‘Ke dumela hore ke fumane Mesia. O tseba ntho e nngwe le e nngwe ka nna. Tloong le tlo mo bona!’ Kahoo, ba ya le yena sedibeng mme ba mamela ha Jesu a ruta.

Basamaria ba kopa hore Jesu a dule le bona motseng. Kahoo, a qeta matsatsi a mabedi a ntse a ba ruta, mme ba bangata ba dumela ho yena. Ba re ho mosadi wa Mosamaria: ‘Ka mora ho mamela monna enwa, re a tseba hore ke yena ya tlo pholosa lefatshe.’

“‘Tloo!’ Mang kapa mang ya nyorilweng a ke a tle; mang kapa mang ya lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17