Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 78

Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo

Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo

Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qala ho ruta hore ’Muso oa Molimo o haufi. Barutuoa ba hae ba ile ba ea le eena Galilea le Judea. Ha Jesu a khutlela motseng oa habo Nazaretha, o ile a ea synagogeng, a bula lengolo la Esaia eaba o balla holimo o re: ‘Jehova o mphile moea o halalelang hore ke rute batho ka ’Muso oa hae.’ O ne a bolela’ng? O ne a bolela hore le hoja batho ba bangata ba ne ba batla hore a etse mehlolo, lebaka le ka sehloohong leo a neng a fuoe moea o halalelang ka lona ke hore a rute batho ka ’Muso Molimo. Eaba o re ho batho ba mo mametseng: ‘Kajeno boprofeta bona bo phethahetse.’

Ka mor’a moo, Jesu a ea Leoatleng la Galilea ’me a kopana le barutuoa ba hae ba bane, bao e neng e le batšoasi ba litlhapi. A re ho bona: ‘Ntšaleng morao. Ke tla le etsa batšoasi ba batho.’ Mabitso a bona e ne e le Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Hang-hang ba tlohela ho tšoasa litlhapi ’me ba mo latela. Ba ruta ka ’Muso oa Molimo motseng oohle oa Galilea. Ba ruta le ka lisynagogeng, limmarakeng le literateng. Batho ba bangata ba ba sala morao hohle moo ba eang teng. Batho bohle ba ile ba utloela ka Jesu ho ea fihla libakeng tse hole tsa Syria.

Ha nako e ntse e ea, Jesu o ile a fa balateli ba hae matla a ho folisa batho le a ho leleka bademona. Baapostola ba hae ba 12 ba ile ba tsamaea le eena ha a il’o ruta metseng le metsaneng. Maria Magdalena, Joanna, Susanna le basali ba bang ba tšepahalang, ba ne ba hlokomela Jesu le balateli ba hae.

Jesu o ile a koetlisa balateli ba hae ’me ka mor’a moo a re ba il’o bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Ha ba ntse ba ruta Galilea, batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa bona ’me ba kolobetsoa. Kaha batho ba bangata ba ne ba batla ho ba balateli ba Jesu, o ile a re ba tšoana le tšimo e loketseng kotulo. Kahoo, a re: ‘Rapelang Jehova hore a romele basebetsi ba eketsehileng hore ba tl’o kotula.’ Ha nako e ntse e ea, o ile a khetha barutuoa ba 70 eaba o ba roma ka bobeli hore ba e’o ruta motseng oa Judea. Ba ile ba ruta batho ba mefuta eohle ka ’Muso oa Molimo. Ha ba khutla ba tla ba thabile, ba tatetse ho bolella Jesu hore na ho etsahetse’ng. Ho ne ho se letho leo Diabolose a ka le etsang ho ba thibela ho ruta.

Jesu o ile a etsa bonnete ba hore barutuoa ba hae ba tsoela pele ka mosebetsi ona leha a se a khutletse leholimong. A re ho bona: ‘Bolellang batho ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Le ba rute Lentsoe la Molimo ’me le ba kolobetse.’

“Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”—Luka 4:43