Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 78

Jesu o Ruta ka Mmuso wa Modimo

Jesu o Ruta ka Mmuso wa Modimo

Ka mora hore Jesu a kolobetswe, o ile a qala ho ruta hore Mmuso wa Modimo o haufi. Barutuwa ba hae ba ile ba ya le yena Galilea le Judea. Ha Jesu a kgutlela motseng wa habo Nazaretha, o ile a ya synagogeng, a bula lengolo la Esaia a balla hodimo a re: ‘Jehova o mphile moya o halalelang hore ke rute batho ka Mmuso wa hae.’ O ne a bolelang? O ne a bolela hore le hoja batho ba bangata ba ne ba batla hore a etse mehlolo, lebaka le ka sehloohong leo a neng a fuwe moya o halalelang ka lona ke hore a rute batho ka Mmuso Modimo. Yaba o re ho batho ba mo mametseng: ‘Kajeno boprofeta bona bo phethahetse.’

Ka mora moo, Jesu a ya Lewatleng la Galilea, mme a kopana le barutuwa ba hae ba bane, bao e neng e le batshwasi ba ditlhapi. A re ho bona: ‘Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.’ Mabitso a bona e ne e le Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne. Hanghang ba tlohela ho tshwasa ditlhapi mme ba mo latela. Ba ruta ka Mmuso wa Modimo motseng oohle wa Galilea. Ba ruta le ka disynagogeng, dimmarakeng le diterateng. Batho ba bangata ba ba sala morao hohle moo ba yang teng. Batho bohle ba ile ba utlwela ka Jesu, ho ya fihla dibakeng tse hole tsa Syria.

Ha nako e ntse e ya, Jesu o ile a fa balatedi ba hae matla a ho fodisa batho le a ho leleka bademona. Ba bang ba ile ba tsamaya le yena ha a ilo ruta metseng le metsaneng. Maria Magdalena, Joanna, Susanna le basadi ba bang ba tshepahalang, ba ne ba hlokomela Jesu le balatedi ba hae.

Jesu o ile a kwetlisa balatedi ba hae, mme ka mora moo a re ba ilo bolella batho ka Mmuso wa Modimo. Ha ba ntse ba ruta Galilea, batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa wa bona mme ba kolobetswa. Kaha batho ba bangata ba ne ba batla ho ba balatedi ba Jesu, o ile a re ba tshwana le tshimo e loketseng kotulo. Kahoo, a re: ‘Rapelang Jehova hore a romele basebetsi ba eketsehileng hore ba tlo kotula.’ Ha nako e ntse e e ya, o ile a kgetha barutuwa ba 70 yaba o ba roma ka bobedi hore ba eo ruta motseng wa Judea. Ba ile ba ruta batho ba mefuta yohle ka Mmuso wa Modimo. Ha ba kgutla ba tla ba thabile, ba tatetse ho bolella Jesu hore na ho etsahetseng. Ho ne ho se letho leo Diabolose a ka le etsang ho ba thibela ho ruta.

Jesu o ile a etsa bonnete ba hore barutuwa ba hae ba tswela pele ka mosebetsi ona le ha a se a kgutletse lehodimong. A re ho bona: ‘Bolellang batho ka Mmuso wa Modimo lefatsheng lohle. Le ba rute Lentswe la Modimo mme le ba kolobetse.’

“Ke tla bolela ditaba tse molemo tsa mmuso wa Modimo le metseng e meng, hobane ke rometswe sena.”—Luka 4:43