Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 79

Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata

Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata

Jesu o tlile lefatsheng ho tla bolella batho ka Mmuso wa Modimo. Jehova o ile a fa Jesu moya o halalelang e le hore a etse mehlolo ho bontsha seo a tla se etsa ha e se e le Morena. O ne a fodisa mafu ohle. Hohle moo a yang teng, batho ba kulang ba ne ba tla ho yena hore a ba fodise. Jesu o ile a ntsha bademona ho batho ba sa boneng ba ile ba bona, ba sa utlweng ditsebeng ba ile ba utlwa mme ba sa kgoneng ho tsamaya ba tsamaya. Ba ne ba fola le ha ba tshwara diphahlo tsa hae feela. Batho ba ne ba sala Jesu morao hohle moo a yang teng. Jesu o ne a sa tebele batho le ha a ne a batla ho phomola.

Ka letsatsi le leng, batho ba ile ba tlisa monna ya sa tsebeng ho tsamaya moo Jesu a neng a fihletse teng. Empa ba sitwa ho kena ka tlung hobane ntlo e ne e tletse batho ba bangata. Yaba ba phunya lesoba marulelong e le hore ba theolele monna eo ho Jesu. Jesu a re ho monna eo: ‘Ema o tsamaye.’ Monna eo a ema mme batho ba makala.

Ka nako e nngwe, ha Jesu a kena motseng o mong, banna ba leshome ba nang le lepera ba ile ba hweletsa, ba re: ‘Jesu, re thuse!’ Mehleng eo, ha motho a ne a e na le lepera o ne a sa dumellwa hore a atamele haufi le batho ba bang. Jesu o ile a re ba ye tempeleng, kaha Molao wa Jehova o ne o re ha balepera ba qeta ho fodiswa ba ye teng. Ha ba le tseleng, ba fola. Molepera e mong o ile a hlokomela hore o fodile, kahoo a kgutlela ho Jesu mme a mo leboha a ba a rorisa Modimo. Ke monna a le mong feela ho ba leshome ya ileng a leboha Jesu.

Mosadi e mong ya neng a kutse ka dilemo tse 12, o ne a batla ho fodiswa. Kahoo, a ipetetsa hara batho ba bangata ba neng ba le pela Jesu e le hore a tshware seaparo sa hae mme a fola hanghang. Ha mosadi eo a qeta ho mo tshwara, Jesu a re: ‘Ke mang ya ntshwereng?’ Mosadi eo o ne a tshohile, leha ho le jwalo a bolella Jesu hore ke yena ya mo tshwereng. Yaba Jesu o bua le yena ka mosa o re: ‘Itsamaele ka kgotso.’

Monna e mong wa ofisiri ya bitswang Jairuse o ile a re ho Jesu: ‘Ke kopa o tle ha ka! Moradi wa ka o a kula.’ Empa ha ba le tseleng, moradi wa Jairuse a shwa. Ha Jesu a fihla, a fumana batho ba bangata ba tlo tshedisa lelapa la Jairuse. Jesu a re ho bona: ‘Tholang; o mpa a robetse feela.’ Yaba o tshwara ngwanana eo ka letsoho o re: “Ngwanana, tsoha!” Hanghang a tsoha mme Jesu a re batswadi ba hae ba mo fe dijo. Nahana feela hore na batswadi ba hae ba ile ba thaba hakaakang!

‘Modimo o ile a tlotsa Jesu ka moya o halalelang le matla, mme a pholletsa le naha a etsa se molemo mme a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne a e na le yena.’—Liketso 10:38