Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 81

Thuto ea Thabeng

Thuto ea Thabeng

Ka mor’a ho khetha baapostola ba 12, Jesu o ile a theoha thabeng eaba o ea moo batho ba leng bangata. Ba ne ba tsoa Galilea, Judea, Tyre, Sidone, Syria le ka mose ho Jordane. Ba ile ba tlisa batho ba tšoeroeng ke mafu a fapaneng le ba neng ba hlokofatsoa ke bademona. Jesu o ile a ba folisa kaofela. Eaba o lula pel’a thaba o bua le bona. O ile a hlalosa seo re lokelang ho se etsa haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo. Re lokela ho rata Jehova ’me re tsebe hore rea mo hloka. Empa re ke ke ra rata Molimo haeba re sa rate batho ba bang. Re lokela ho ba mosa, re hloke leeme re be re rate lira tsa rona.

Jesu o ile a re: ‘Ha hoa lekana ho rata metsoalle ea rona feela. Re lokela ho rata le lira tsa rona, re ba tšoarele ho tsoa pelong. Haeba u koatisitse motho e mong, kopa tšoarelo. Tšoara ba bang ka tsela eo u batlang hore ba u tšoare ka eona.’

Jesu o ile a fana ka keletso e ntle ho bamameli ba hae mabapi le maruo. O ile a re: ‘Ke habohlokoa ho ba motsoalle oa Jehova ho feta ho ba le chelete e ngata. Lesholu le ka utsoa chelete ea hao, empa ha ho na ea ka utsoang setsoalle sa hao le Jehova. Khaotsa ho tšoenyeha ka hore na u tla ja’ng, u tla noa’ng kapa u tla apara’ng. Sheba linonyana tsa leholimo. Molimo o lula a etsa bonnete ba hore li na le lijo. Ho tšoenyeha ho ke ke ha eketsa matsatsi a hao a bophelo. Hopola hore Jehova oa tseba hore na u hlokang.’

Letšoele leo le ne le e-s’o utloe motho ea buang joaloka Jesu. Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba sa ba ruta lintho tsena. Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le mosuoe e moholo? Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tsoa ho Jehova.

“Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—Matheu 11:29