Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 81

Thuto ya Thabeng

Thuto ya Thabeng

Ka mora hore a kgethe baapostola ba 12, Jesu a theoha thabeng, mme ha a fihla tlase a fumana batho ba bangata ba bokane hammoho. Ba ne ba tswa Galilea, Judea, Tyre, Sidone, Syria, le dibakeng tse ka lehlakoreng le leng la Noka ya Jordane. Ba ne ba tlisitse batho ba kulang le ba neng ba sotlwa ke bademona. Jesu o ile a ba fodisa kaofela. Yaba Jesu o dula fatshe mme o qala ho bua le bona. O ile a hlalosa seo re lokelang ho se etsa hore re be metswalle ya Modimo. O itse re lokela ho rata Jehova mme re tsebe hore re a mo hloka. Empa re ke ke ra rata Modimo haeba re sa rate batho ba bang. Re lokela ho ba mosa mme re tshware batho ba bang hantle, esita le dira tsa rona.

Jesu o ile a re: ‘Ha le a lokela ho rata metswalle ya lona feela. Le lokela ho rata le dira tsa lona mme le tshwarele batho ba bang ha ba le etsa hampe. Haeba o kwatisitse motho e mong o lokela ho ya ho yena hanghang mme o kope tshwarelo. Tshwara batho ba bang ka tsela eo o batlang hore le wena ba o tshware ka yona.’

Jesu o ile a boela a fana ka keletso e ntle tabeng ya dintho tseo re nang le tsona. O ile a re: ‘Ho ba motswalle wa Jehova ho bohlokwa haholo ho feta ho ba le tjhelete e ngata. Leshodu le ka nna la utswa tjhelete ya hao, empa ha ho na motho ya ka utswang setswalle sa hao le Jehova. Kgaotsang ho tshwenyeha ka hore le tla jang kapa le nweng, kapa hona hore le tla aparang. Tadimang dinonyana. Modimo o di fepa kamehla. Ho tshwenyeha ho ka etsa hore motho a kule. Hopolang hore Jehova o tseba dintho tseo le di hlokang.’

Batho bao ba ne ba qala ho utlwa motho ya buang ha monate jwaloka Jesu. Baruti ba bona ba ne ba sa ba ruta dintho tsena. Ke hobaneng ha Jesu a ne a ruta hantle hakaalo? Hobane dintho tsohle tseo a neng a di ruta di ne di tswa ho Jehova.

“Jarang joko ya ka mme le ithute ho nna, kaha ke na le maikutlo a bonolo mme ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona kgatholoho.”—Matheu 11:29