Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 82

Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Bafarisi ba neng ba e etsa, ba ne e etsetsa ho khahlisa batho. Ba ne ba thusa ba bang hore feela batho ba ba bone. Ba ne rapella literateng e le hore batho ba ba utloe. Bafarisi ba ne ba tšoara lithapelo tse telele ka hlooho ebile ba lula ba li pheta ka synagogeng le literateng tsa motse e le hore batho ba ka ba utloa. Kahoo, batho ba ne ba maketse ha Jesu Kreste a re ho bona: ‘Le se ke la rapela joaloka Bafarisi. Ba nahana hore Molimo o rata ha ba etsa lithapelo tse telele, empa ha ho joalo. Thapelo ke ho bua le Jehova. U se ke oa pheta ntho e tšoanang. Jehova o batla u mo bolelle hore na u ikutloa joang.

‘U lokela ho rapela tjena: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”’ Jesu o ile a boela a re ba ka rapella lijo, eng kapa eng eo ba ka e hlokang ho Jehova le hore ba tšoareloe libe.

Jesu o ile a re: ‘Le se ke la emisa ho rapela. Le tsoele pele ho kopa Ntate oa lona Jehova lintho tse molemo. Motsoali e mong le e mong o batla ho fa ngoana oa hae lintho tse molemo. Ha mora oa hao a kopa bohobe, na u tla mo fa lejoe? Ha a kopa tlhapi, na u tla mo fa noha?’

Jesu o ile a hlalosa thuto ea sena: ‘Haeba le tseba ho fa bana ba lona limpho tse molemo, na Ntate oa lona Jehova le eena ha a na ho le fa moea o halalelang? Seo le lokelang ho se etsa ke ho o kopa.’ Na u mamela keletso ea Jesu? Ke lintho life tseo u li rapellang?

“Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.”—Matheu 7:7