Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 82

Jesu o Ruta Barutuwa ba Hae ho Rapela

Jesu o Ruta Barutuwa ba Hae ho Rapela

Bafarisi ba ne ba etsa dintho hore ba bonwe ke batho. Ha ba etsa ketso e mosa, ba ne ba e etsa hore ba bonwe. Ba ne ba rapella dibakeng tseo ho nang le batho ba bangata. Bafarisi ba ne ba rapela dithapelo tse telele, ebe ba ntse ba di phetapheta hore batho ba bang ba utlwe. Kahoo, batho ba ile ba makala ha Jesu a re ho bona: ‘Le se ke la rapela jwaloka Bafarisi. Ba nahana hore Modimo o rata dithapelo tse telele, empa ha ho jwalo. Thapelo ke puisano dipakeng tsa hao le Jehova. Ha o a lokela ho phetapheta ntho e tshwanang. Jehova o batla hore o mo bolelle maikutlo a hao.

‘Le lokela ho rapela le re: “Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le halaletswe. Mmuso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalokaha e etsahala lehodimong.”’ Jesu o ile a ba ruta hore ba rapelle dijo tsa bona tsa letsatsi, le hore dibe tsa bona di tshwarelwe le ho rapella dintho tse ding tseo ba di hlokang.

Jesu o ile a re: ‘Le se ke la kgaotsa ho rapela. Tswelang pele ho kopa Ntate wa lona Jehova hore a le fe dintho tse ntle. Motswadi e mong le e mong o batla ho fa ngwana wa hae dintho tse ntle. Haeba mora wa hao a kopa bohobe, na o tla mo fa lejwe? Haeba a kopa tlhapi, na o tla mo fa noha?’

Jwale Jesu o ile a hlalosa a re: ‘Haeba le tseba ho fa bana ba lona dintho tse ntle, na Ntate wa lona Jehova a ke ke a le fa moya o halalelang? Ntho feela eo le lokelang ho e etsa ke ho kopa.’ Na o mamela keletso ya Jesu? Wena o rapella dintho dife?

“Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa.”—Matheu 7:7