Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 84

Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi

Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi

Ha se feela hore Jesu o ne a khona ho folisa batho ba kulang le ho tsosa bafu, empa o ne a khona le ho laola lifefo le pula. Bosiung bo bong, Jesu o ne a le thabeng a il’o rapela. Ha a qetile ’me a sheba tlaase Leoatleng la Galilea, a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng ’me maqhubu a matla a se isa koana le koana. Ebe Jesu o ne a tla etsa’ng? O ile a theoha a tla leoatleng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a ea sekepeng sa barutuoa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaea holim’a metsi, ba ile ba tšoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: ‘Ke ’na. Le se ke la tšoha.’

Petrose a re: ‘Morena, haeba kannete e le uena, ntumelle hore ke tle ho uena.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Joale Petrose a tsoa ka sekepeng ’me a qala ho tsamaea holim’a metsi a lebile ho Jesu. Empa eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo eaba oa tšoha ’me o qala ho teba. Petrose a hoeletsa: ‘Morena, mpholose!’ Jesu a otlolla letsoho a mo tšoara, eaba o re ho eena: ‘Ke hobane’ng ha u ile oa hloka tumelo?’

Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng ’me kapele-pele sefefo sa thola. U nahana hore baapostola ba ne ba ikutloa joang? Ba ile ba re ho Jesu: “Kannete u Mora oa Molimo!”

Lena e ne e se lekhetlo la pele Jesu a laola boemo ba leholimo. Ka lekhetlo le leng, o ne a tsamaea ka sekepe leoatleng le baapostola ba hae. Eaba Jesu o ea karolong e ka morao ea sekepe oa robala. Ha a ntse a khalehile, ho ile ha e-ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a leoatle a ne a otla sekepe ’me metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hoeletsa ba re: ‘Mosuoe, rea shoa! Re thuse!’ Jesu a tsoha ’me a bua le leoatle, a re: “Khutsa!” Ka eona nako eo, leoatle le sefefo tsa kokobela. Jesu a botsa baapostola, a re: ‘Ke hobane’ng ha le se na tumelo?’ Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le moea le leoatle lia mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tšepa Jesu, ba ne ba sa lokela ho tšaba.

“Haeba ke ne ke sa ka ka ba le tumelo ha ke bona molemo oa Jehova naheng ea ba phelang!”—Pesaleme ea 27:13