Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 84

Jesu o Tsamaya Hodima Metsi

Jesu o Tsamaya Hodima Metsi

Ha se feela hore Jesu o ne a kgona ho fodisa batho ba kulang le ho tsosa bafu, empa o ne a kgona le ho laola difefo le pula. Ha Jesu a qeta ho rapela thabeng, o ile a sheba tlase Lewatleng la Galilea, a bona sefefo. Baapostola ba hae ba ne ba le ka sekepeng mme maqhubu a matla a se isa kwana le kwana. Jesu o ile a theoha a tla lewatleng mme a qala ho tsamaya hodima metsi a ya sekepeng sa barutuwa ba hae. Ha ba bona motho a tsamaya hodima metsi, ba ile ba tshoha haholo. Empa Jesu a re ho bona: ‘Ke nna. Le se ke la tshoha.’

Petrose a re: ‘Morena, haeba kannete e le wena, ntumelle hore ke tle ho wena.’ Jesu a re ho Petrose: ‘Tloo.’ Hara sefefo seo Petrose o ile a tswa ka sekepeng mme a qala ho tsamaya hodima metsi a lebile ho Jesu. Empa, eitse ha a ntse a atamela ho Jesu, Petrose a sheba sefefo yaba o a tshoha mme o qala ho teba. Petrose a hweletsa: ‘Morena, mpholose!’ Jesu a otlolla letsoho a mo tshwara, mme a re ho yena: ‘Ke hobaneng ha o ile wa hloka tumelo?’

Jesu le Petrose ba kena ka sekepeng, mme kapelepele sefefo sa thola. O nahana hore baapostola ba ne ba ikutlwa jwang? Ba ile ba re ho Jesu: “Kannete o Mora wa Modimo!”

Lena e ne e se lekgetlo la pele Jesu a laola boemo ba lehodimo. Ka lekgetlo le leng, o ne a tsamaya ka sekepe lewatleng le baapostola ba hae; yaba Jesu o ya karolong e ka morao ya sekepe o a robala. Ha a ntse a kgalehile, ho ile ha e ba le sefefo se matla haholo. Maqhubu a lewatle a ne a otla sekepe, mme metsi a qala ho kena ka hare. Baapostola ba tsosa Jesu, ba hweletsa ba re: ‘Mosuwe, re a shwa! Re thuse!’ Jesu a tsoha mme a bua le lewatle, a re: “Kgutsa!” Ka yona nako eo, lewatle le sefefo tsa thola tu! Jesu a botsa baapostola, a re: ‘Ke hobaneng ha le se na tumelo?’ Ba qala ho buisana ba le bang ba re: “Esita le difefo le lewatle di a mo mamela.” Baapostola ba ile ba ithuta hore haeba ba ne ba tshepile Jesu, ba ne ba sa lokela ho tshaba.

‘Nka be ke le hokae haeba ke ne ke sa ka ka ba le tumelo ha ke bona molemo wa Jehova naheng ya ba phelang?’—Pesaleme ya 27:13