Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 85

Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha

Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha

Bafirisi ba ne ba hloile Jesu mme ba batla ho mo tshwara. Ba ne ba re a se ke a fodisa batho ka Sabatha. Ka Sabatha e nngwe, Jesu o ile a fumana monna ya sa boneng a ntse a kopa dithuso ho batho seterateng. A re ho baapostola ba hae: ‘Moya wa Modimo o halalelang o tla fodisa monna enwa.’ Jesu a etsa seretse ka mathe a hae yaba o tlotsa monna eo ka sona hodima mahlo. Jesu a re ho yena: ‘Tsamaya o hlatswe mahlo a hao ka letamong la Silwame.’ Monna eo a etsa jwalo yaba ka lekgetlo la pele bophelong ba hae o qala ho bona.

Batho ba ne ba maketse. Ba ile ba re: ‘Na eo ke monna elwa ya neng a tlwaetse ho kopa batho dithuso kapa o mpa a tshwana le yena?’ Monna eo a re: ‘Ke nna.’ Batho ba re ho yena: ‘Ho tlile jwang hore ebe o se o bona?’ Ka mora hore a ba bolelle hore na ho tlile jwang, ba mo isa ho Bafarisi.

Monna eo a re ho Bafarisi: ‘Jesu o ile a ntlotsa ka seretse mahlong yaba o re ke ilo itlhatswa. Ke ile ka etsa jwalo yaba ke qala ho bona.’ Bafarisi ba re: ‘Haeba Jesu o fodisa batho ka Sabatha, matla a hae ha a tswe ho Modimo.’ Ba bang bona ba re: ‘Haeba matla a hae a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a kgona ho fodisa.’

Bafarisi ba bitsa batswadi ba monna eo yaba ba re ho bona: ‘Ho tlile jwang hore ebe mora wa lona o se a bona?’ Batswadi ba hae ba ne ba tshaba ho bua hobane Bafarisi ba ne ba re mang kapa mang ya dumelang ho Jesu, o lokela ho lelekwa ka synagogeng. Kahoo ba re: ‘Ha re tsebe. Mo botseng.’ Bafarisi ba botsa monna eo dipotso tse ding yaba o re: ‘Ke le boleletse dintho tsohle. Ke hobaneng ha le nkemeletse ka dipotso?’ Bafarisi ba halefa yaba ba mo ntshetsa ka ntle.

Jesu a ya ho yena yaba o re: ‘Na o dumela ho Mesia?’ Monna eo a re: ‘Ke ne ke tla dumela ho yena haeba ke tseba hore na ke mang.’ Jesu a re: ‘Ke nna Mesia.’ Jesu o bile mosa ho monna eo. Ha aa ka a mo fodisa feela empa o ile a mo thusa hore a be le tumelo.

“Le fositse, hobane ha le tsebe Mangolo kapa matla a Modimo.”—Matheu 22:29