Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 86

Jesu o Tsosa Lazaro

Jesu o Tsosa Lazaro

Jesu o ne a e-na le metsoalle e meraro e lulang Bethani. Bona e ne e le Lazaro le likhaitseli tsa hae tse peli, e leng Maria le Maretha. Ka letsatsi le leng ha Jesu a le ka lehlakoreng le leng la noka ea Jordane, Maria le Maretha ba ile ba mo romella molaetsa o potlakileng ba re: ‘Lazaro oa kula. Re kopa u tle kapele!’ Empa Jesu ha aa ka a ea hang-hang. O ile a ema matsatsi a mabeli eaba o re ho barutuoa ba hae: ‘Ha re eeng Bethani. Lazaro o robetse ’me ke il’o mo tsosa.’ Baapostola ba ile ba re: ‘Haeba Lazaro o robetse o tla fola.’ Eaba Jesu o re ho bona: ‘Lazaro o shoele.’

Ha Jesu a fihla Bethani, e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a patiloe. Batho ba bangata ba ne ba tlile ho tla tšelisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utloa hore Jesu o teng, o ile a mathela ho eena. A re: “Morena, hoja u ne u le teng, ngoan’eso a ka be a sa shoa.” Eaba Jesu o re: ‘Ngoan’eno o tla phela hape. Na oa lumela, Maretha?’ O ile a re: ‘E, kea lumela hore o tla tsoha.’ Jesu a tsoela pele ho re: “Ke ’na tsoho le bophelo.”

Eaba Maretha o ea ho Maria o re: ‘Jesu o teng.’ Maria a mathela ho Jesu ’me batho ba bangata ba mo sala morao. Ha a fihla ho Jesu, a itihela maotong a hae a ntse a lla ’me a re: ‘Morena, hoja u ne u le teng ngoan’abo rona a ka be a ntse a phela!’ Jesu o ile a bona hore Maria o utloile bohloko, eaba le eena o qala ho lla. Ha batho ba mo bona a lla, ba re: ‘Jesu o ne a rata Lazaro haholo.’ Empa ba bang ba ile ba re: ‘Ke hobane’ng ha a mo tloheletse hore a shoe?’ Jesu o ne a tl’o etsa’ng?

Jesu o ile a ea lebitleng la Lazaro, le neng le koetsoe ka lejoe le leholo. O ile a ba laela a re: ‘Tlosang lejoe leo.’ Maretha a re: ‘Empa e se e le matsatsi a mane a shoele! O se a nkha.’ Ba tlosa lejoe leo, eaba Jesu oa rapela o re: ‘Ntate, kea leboha hore u nkutloile. Kea tseba hore oa nkutloa kamehla, empa ke buela holimo e le hore batho bana ba utloe hore ke ronngoe ke uena.’ Jesu a hoeletsa a re: “Lazaro, tsoa!” Ho ile ha etsahala mohlolo: Lazaro a tsoa ka lebitleng, a ntse a thatetsoe ka masela. Jesu a re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”

Batho ba bangata ba boneng ketsahalo ena ba ile ba ba le tumelo ho Jesu. Ba bang bona ba bolella Bafarisi lintho tsena. Ka mor’a moo, Bafarisi ba ile ba batla ho bolaea Jesu le Lazaro. E mong oa baapostola ba 12, ea bitsoang Judase Iskariota o ile a ea ho Bafarisi a fihla a re: ‘Le tla mpatala bokae ha nka le thusa ho tšoara Jesu?’ Ba ile ba lumela ho mo fa lichelete tse 30 tsa tšepe, eaba Judase o qala ho batla menyetla ea ho tšoarisa Jesu.

“Ho rōna Molimo oa ’nete ke Molimo oa liketso tse pholosang; Litsela tsa ho tsoa lefung ke tsa Jehova ’Musi Morena.”—Pesaleme ea 68:20