Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 86

Jesu o Tsosa Lazaro

Jesu o Tsosa Lazaro

Jesu o ne a e na le metswalle e meraro e dulang Bethani. Bona e ne e le Lazaro le dikgaitsedi tsa hae tse pedi e leng Maria le Maretha. Ka letsatsi le leng ha Jesu a le ka lehlakoreng le leng la Noka ya Jordane, Maria le Maretha ba ile ba mo romella molaetsa o potlakileng ba re: ‘Lazaro o a kula. Re kopa o tle kapele!’ Empa Jesu ha aa ka a tsamaya hanghang. O ile a ema matsatsi a mabedi yaba o re ho barutuwa ba hae: ‘Ha re yeng Bethani. Lazaro o robetse mme ke ilo mo tsosa.’ Baapostola ba ile ba re: ‘Haeba Lazaro o robetse o tla fola.’ Yaba Jesu o re ho bona: ‘Lazaro o shwele.’

Ha Jesu a fihla Bethani, e ne e se e le matsatsi a mane Lazaro a patilwe. Batho ba bangata ba ne ba tlile ho tla tshedisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utlwa hore Jesu o teng, o ile a mathela ho yena. A re: “Morena, haeba o ne o le teng, ngwaneso a ka be a sa shwa.” Yaba Jesu o re: ‘Ngwaneno o tla phela hape. Na o a dumela, Maretha?’ O ile a re: ‘E, ke a dumela hore o tla tsoha.’ Jesu a tswela pele ho re: “Ke nna tsoho le bophelo.”

Yaba Maretha o ya ho Maria o re: ‘Jesu o teng.’ Maria a mathela ho Jesu mme batho ba bangata ba mo sala morao. Ha a fihla ho Jesu a itihela maotong a hae a ntse a lla, mme a re: ‘Morena, hoja o ne o le teng ngwanabo rona a ka be a ntse a phela!’ Jesu o ile a bona hore Maria o utlwile bohloko, yaba le yena o qala ho lla. Ha batho ba mo bona a lla, ba re: ‘Jesu o ne a rata Lazaro haholo.’ Empa ba bang ba ile ba re: ‘Ke hobaneng ha a mo tloheletse hore a shwe?’ Jesu o ne a tlo etsang?

Jesu o ile a ya lebitleng la Lazaro, le neng le kwahetswe ka lejwe le leholo. O ile a ba laela a re: ‘Tlosang lejwe leo.’ Maretha a re: ‘Empa e se e le matsatsi a mane a shwele! O se a nkga.’ Ba tlosa lejwe leo, yaba Jesu o a rapela o re: ‘Ntate ke a leboha hore o nkutloile. Ke a tseba hore o a nkutlwa kamehla, empa ke buela hodimo e le hore batho bana ba utlwe hore ke ronngwe ke wena.’ Jesu a hweletsa a re: “Lazaro, tswa!” Ho ile ha etsahala mohlolo: Lazaro a tswa ka lebitleng, a ntse a thatetswe ka masela. Jesu a re: “Mo lokolleng mme le mo tlohele a tsamaye.”

Batho ba bangata ba boneng sena ba ile ba ba le tumelo ho Jesu. Ba bang bona ba bolella Bafarisi dintho tsena. Ka mora moo, Bafarisi ba ile ba batla ho bolaya Jesu le Lazaro. E mong wa baapostola ba 12, ya bitswang Judase Iskariota o ile a ya ho Bafarisi a fihla a re: ‘Le tla mpatala bokae ha nka le thusa ho tshwara Jesu?’ Ba ile ba dumela ho mo fa ditjhelete tse 30 tsa tshepe, yaba Judase o qala ho batla menyetla ya ho tshwarisa Jesu.

“Ho rona Modimo wa nnete ke Modimo wa diketso tse pholosang; ditsela tsa ho tswa lefung ke tsa Jehova Mmusi Morena.”—Pesaleme ya 68:20