Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 87

Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena

Bajuda ba ne ba keteka Paseka selemo se seng le se seng ka la 14 Nisane. E ne e le hore ba hopole kamoo Jehova a ileng a ba thusa hore ba tswe bokgobeng ba Egepeta mme a ba isa Lefatsheng le Tshepisitsweng. Ka selemo sa 33 mehleng ya Kreste, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba keteka Paseka Jerusalema, ka kamoreng e ka hodimo ya ntlo. Ha ba qeta ho ja, Jesu o ile a re ho bona: ‘E mong wa lona o tlo nthekisa.’ Baapostola ba ne ba maketse mme ba botsa Jesu ba re: ‘Ke mang?’ Jesu a re: ‘Ke eo ke tla mo fa bohobe bona.’ Yaba o fa Judase Iskariota bohobe. Hanghang, Judase a ema mme a tsamaya.

Jesu o ile a rapela, ka mora moo a fa baapostola ba hae ba setseng bohobe. A re ho bona: ‘Jang bohobe bona. Bo emela mmele wa ka oo ke tla fana ka wona bakeng sa lona.’ Ka mora moo a rapella veine, mme a e fa baapostola ba hae. Yaba Jesu o re: ‘Nwang veine ena. E emela madi a ka ao ke tla fana ka ona e le hore dibe tsa lona di ka tshwarelwa. Ke a le tshepisa hore le tla ba marena hammoho le nna lehodimong. Etsang sena selemo le selemo ho nkgopola.’ Balatedi ba Jesu ba ntse ba kopana mantsiboyeng a la 14 Nisane selemo le selemo. Hona jwale mokete oo o bitswa Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena.

Ka mora ho ja, baapostola ba neng ba setse ba ile ba buisana ka hore na e moholo ke mang. Empa Jesu o ile a re ho bona: ‘Ya inkang e le e monyenyane hara lona, ke yena e moholo.

‘Le metswalle ya ka. Ke le bolella ntho e nngwe le e nngwe eo Ntate a batlang hore ke le bolelle yona. Haufinyane ke tla ya ho Ntate lehodimong. Le tla sala mona, mme batho ba tla tseba hore le barutuwa ba ka haeba le ratana. Le lokela ho ratana feela jwalokaha ke le rata.’

Qetellong, Jesu o ile a rapela mme a kopa Jehova hore a sireletse barutuwa ba hae bohle. A boela a mo kopa hore a ba thuse ho sebetsa hammoho ka kgotso. A rapella hore lebitso la Jehova le halaletswe. Ka mora moo, Jesu le baapostola ba hae ba binela Jehova mme ba tswela ka ntle. Nako ya hore Jesu a tshwarwe e ne e se e le haufi.

“Le se ke la tshaba, mohlatswana, hobane Ntata lona o amohetse ho le fa mmuso.”—Luka 12:32