Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 88

Jesu oa Tšoaroa

Jesu oa Tšoaroa

Jesu le baapostola ba hae ba ile ba tsamaea Phuleng ea Kidrone ba ea Thabeng ea Mehloaare. E ne e le har’a bosiu ’me khoeli e ne e chabile. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a re ho bona: “Salang mona ’me le lule le lebetse.” Jesu a kenella ka hare ho serapa ’me a khumama ka mangole. A rapela Jehova a utloile bohloko haholo, a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao.” Eaba Jehova o romela lengeloi ho khothatsa Jesu. Ha Jesu a khutlela ho baapostola ba hae o ile a ba fumana ba robetse ba le bararo. A re ho bona: ‘Tsohang. Ena ha se nako ea hore ebe le robetse. E se e le nako ea hore lira tsa ka li ntšoare.’

Hamorao Judase a fihla a tsamaea le batho ba bangata ba nkileng lisabole le melamu. O ne a tseba hore na o tla fumana Jesu hokae hobane ba ne ba tloaetse ho tla serapeng sena. Judase o ne a boleletse masole a neng a tsamaea le eena hore o tla a bontša Jesu. A ea ho Jesu ’me a re: ‘Lumela, Mosuoe,’ eaba oa mo meta. Jesu a re: ‘Judase, na u nthekisa ka ho ’meta?’

Jesu a atamela ’me a botsa batho bao, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” A ba araba a re: “Ke ’na enoa.” Eaba banna bao ba chechela morao ’me ba oela fatše. Jesu a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” Jesu a re: ‘Ke itse ke ’na enoa. Tlohellang banna bana ba tsamaee.’

Ha Petrose a bona se etsahalang, o ile a ntša sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea Malkuse, e leng lekhoba la moprista ea phahameng. Empa Jesu a tšoara tsebe ea monna eo ’me a mo folisa. Eaba o re ho Petrose: ‘Beha sabole ea hao. Haeba u loana ka sabole, u tla bolaoa ka eona.’ Masole a ile a tšoara Jesu, a mo tlama matsoho ’me baapostola ba baleha. Masole ao a mo isa ho Anase, moprista ea ka sehloohong. Anase o ile a botsa Jesu lipotso eaba o re a ee ho moprista ea phahameng Kaifase. Empa ho ile ha etsahala’ng ka baapostola?

“Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33