Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 88

Jesu o a Tshwarwa

Jesu o a Tshwarwa

Jesu le baapostola ba hae ba ile ba tsamaya Phuleng ya Kidrone ba ya Thabeng ya Mehlwaare. E ne e le hara mpa bosiu mme kgwedi e ne e tolokile. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, Jesu o ile a re ho bona: “Salang mona mme le dule le lebetse.” Jesu a kenella ka hare ho serapa mme a kgumama ka mangole. A rapela Jehova a utlwile bohloko haholo, a re: “Ho ke ho etsahale thato ya hao.” Yaba Jehova o romela lengeloi ho kgothatsa Jesu. Ha Jesu a kgutlela ho baapostola ba hae o ile a ba fumana kaofela ha bona ba robetse. A re ho bona: ‘Tsohang! Ena ha se nako ya hore ebe le ntse le robetse! E se e le nako ya hore dira tsa ka di ntshware.’

Hanghang Judase a fihla a tsamaya le batho ba bangata ba nkileng disabole le melamu. O ne a tseba hore o tla fumana Jesu hokae hobane ba ne ba tlwaetse ho tla serapeng sena. Judase o ne a boleletse masole a neng a tsamaya le yena hore o tla a bontsha Jesu. A ya ho Jesu mme a re: ‘Dumela, Mosuwe,’ yaba o a mo aka. Jesu a re: ‘Judase, na o nthekisa ka ho nkaka?’

Jesu a atamela mme a botsa batho bao, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” A ba araba a re: “Ke nna enwa.” Yaba banna bao ba tjhetjhela morao mme ba wela fatshe. Jesu a ba botsa hape: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.” Jesu a re: ‘Ke itse ke nna enwa. Tlohellang banna bana ba tsamaye.’

Ha Petrose a bona se etsahalang o ile a ntsha sabole ya hae yaba o kgaola tsebe ya Malkuse, e leng lekgoba la moprista ya phahameng. Empa Jesu a tshwara tsebe ya monna eo mme a mo fodisa. Yaba o re ho Petrose: ‘Beha sabole ya hao. Haeba o lwana ka sabole, o tla bolawa ka yona.’ Masole a ile a tshwara Jesu, a mo tlama matsoho, mme baapostola ba baleha. Masole ao a mo isa ho Anase, moprista ya ka sehloohong. Anase o ile a botsa Jesu dipotso yaba o re a ye ho Moprista ya Phahameng Kaifase. Empa ho ile ha etsahalang ka baapostola?

“Lefatsheng le ba le matshwenyeho, empa le be sebete! Ke hlotse lefatshe.”—Johanne 16:33