Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 89

Petrose o Latola Jesu

Petrose o Latola Jesu

Ha Jesu a le kamoreng e ka holimo le Baapostola ba hae, o ile a re ho bona: ‘Kaofela ha lona le tla ntšiea bosiung bona.’ Petrose a re: ‘Che eseng ’na! Leha ba bang ba ka u siea, ’na nke ke ka u siea.’ Empa Jesu a re ho Petrose: ‘Pele mokoko o lla, u tla ntatola ka makhetlo a mararo.’

Ha masole a isa Jesu ntlong ea Kaifase, bongata ba barutuoa ba hae bo ile ba baleha. Empa ba babeli ba bona ba ile ba kena har’a batho ba bangata ’me ba sala Jesu morao. E mong oa bona e ne e le Petrose. O ile a ea lebaleng la ntlo ea Kaifase ’me a iphuthumatsa mollong. Ha ba le mollong, lekhabunyane le ile la bona sefahleho sa Petrose, eaba le re: Kea u tseba! U ne u e-na le Jesu!’

Petrose a re: ‘Che, ke ne ke le sieo! Ha ke tsebe hore na u bua ka eng!’ Ha a ea keiting, lekhabunyane le leng la mo bona eaba le re: ‘Monna enoa o ne a e-na le Jesu!’ Petrose a re: ‘Jesu eo ha ke mo tsebe!’ Monna e mong a re: ‘U e mong oa bona! U bua ka tsela e tšoanang le ea Bagalilea, joaloka Jesu.’ Empa Petrose a hlapanya a re: ‘Ha ke mo tsebe!’

Ka motsotso oo mokoko oa lla. Petrose a bona Jesu a hetla ’me a mo sheba. O ile a hopola mantsoe a Jesu eaba o ea ka ntle, o lla habohloko.

Ho sa le joalo, banna ba baholo ba Sanhedrine ba ile ba kopana ho tšoarela Jesu nyeoe ka har’a ntlo ea borena ea Kaifase. Ba ne ba se ba entse qeto ea ho bolaea Jesu ’me hona joale ba ne ba batla lebaka la ho mo bolaea. Empa ha baa ka ba fumana letho khahlanong le eena. Qetellong, Kaifase a re ho Jesu: ‘Na u Mora oa Molimo?’ Jesu a re: ‘E, ke eena.’ Kaifase a re: ‘Ha re hloke bopaki bo eketsehileng. Hona ke ho tella!’ Lekhotla la lumellana la re: ‘Monna enoa o lokela ho bolaoa.’ Ba ile ba tšoela Jesu ka mathe, ba mo koala mahlo ’me ba mo otla ba ntse ba re: ‘Haeba u moprofeta, re bolelle hore na ke mang ea u otlileng!’

Hoseng, ba ile ba isa Jesu holong ea Sanhedrine eaba ba mo botsa hape ba re: ‘Na u Mora oa Molimo?’ Jesu a araba: ‘Ke lona ba reng ke eena.’ Ba ile ba mo fumana a le molato oa ho tella ’me ba mo isa ho ’musisi oa Moroma. Ho ile ha etsahala’ng hape? Re tla fumana karabo sehloohong se latelang.

“Hora ea tla, ka sebele, e fihlile, ea ha le tla hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae ’me le tla ntšiea ke le mong; leha ho le joalo ha ke mong, hobane Ntate o na le ’na.”—Johanne 16:32