Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 90

Jesu o Shwella Golgotha

Jesu o Shwella Golgotha

Baprista ba ka sehloohong ba ile ba isa Jesu ha mmusisi wa setereke. Pilato a botsa baprista a re: ‘Le qosa monna eo kang?’ Ba araba ba re: ‘O ipitsa morena!’ Pilato a botsa Jesu a re: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “Mmuso wa ka hase karolo ya lefatshe lena.”

Yaba Pilato o romela Jesu ho Heroda morena wa Galilea, ho utlwa hore na a ka mo qosa kang. Heroda ha aa ka a fumana letho le phoso ka Jesu yaba o mo kgutlisetsa ho Pilato. Pilato a bolella batho a re: ‘Nna le Heroda ha re a fumana letho le phoso ka monna enwa. Ke mo dumella hore a tsamaye.’ Batho ba re: ‘Mo bolayeng! Mo bolayeng!’ Masole a ile a shapa Jesu ka phafa a ba a mo tshwela ka mathe. Ba ile ba beha dihlabahlabane hloohong ya hae yaba ba re: ‘Dumela Morena wa Bajuda.’ Pilato o ile a pheta hape a re: ‘Ha ke a fumana letho le phoso ka monna enwa.’ Empa ba hweletsa ba re: “Mo kgokgotheleng thupeng!” Yaba Pilato o fana ka yena hore ba mo bolaye.

Ba ile ba isa Jesu sebakeng se bitswang Golgotha, ba mo kgokgothela thupeng yaba ba a e phahamisa. Jesu o ile a rapela a re: ‘Ntate, ba tshwarele, ha ba tsebe seo ba se etsang.’ Batho ba ne ba tsheha Jesu ba re: ‘Haeba o Mora wa Modimo, itheole thupeng! Ipholose.’

Motho e mong wa sekebekwa ya neng a kgokgothetswe pela Jesu o ile a re ho yena: “O nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.” Jesu o ile a re ho yena: “O tla ba le nna Paradeiseng.” Ho ile ha e ba le lefifi ka dihora tse tharo empa e le motshehare. Barutuwa ba bang ba Jesu le mme wa hae, ba ile ba ema pela thupa eo Jesu a neng a kgokgothetswe ho yona. Jesu o ile a re Johanne a hlokomele Maria jwalokaha eka ke mme wa hae.

Yaba Jesu o re: “Ho phethehile!” O ile a inama yaba o a shwa. Ka nako eo, lefatshe le ile la thothomela. Lesela le ka tempeleng le neng le le dipakeng tsa Sehalalelo le Sehalaledisiso le ile la taboha hare. Lesole le leng le ile la re: ‘Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.’

“Ho sa tsotellehe hore na ditshepiso tsa Modimo di ngata hakae, di fetohile E, ka yena.”—2 Bakorinthe 1:20