Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 91

Jesu o Tsosoa Bafung

Jesu o Tsosoa Bafung

Ka mor’a hore Jesu a shoe, ntate ea ruileng ea bitsoang Josefa o ile a kopa hore Pilato a mo lumelle hore a theole setopo sa Jesu thupeng. Josefa o ile a phuthela setopo sa Jesu ka lesela, a mo tšela ka matsoai eaba o mo kenya ka lebitleng. A re ba koale lebitla leo ka lejoe le leholo. Baprista ba ka sehloohong ba ile ba re ho Pilato: ‘Re tšaba hore ba bang ba balateli ba Jesu ba ka ’na ba nka setopo sa hae ebe ba re o tsohile bafung.’ Eaba Pilato o re ho bona: ‘Koalang lebitla ’me le le lebele.’

Ka mor’a matsatsi a mararo, bo-’mè ba bang ba ile ba ea lebitleng la Jesu hoseng eaba ba fumana ho tlositsoe lejoe. Lengeloi le ile la re ho basali bao: ‘Le se ke la tšoha. Jesu o tsositsoe bafung. Tsamaeang le e’o bolella barutuoa ba hae hore ba e’o kopana le eena Galilea.’

Maria Magdalena o ile a potlakela ho ea kopana le Petrose le Johanne. A re ho bona: ‘Ho na le motho ea nkileng setopo sa Jesu!’ Ba mathela lebitleng la Jesu. Ha ba fihla ba fumana hore ha ho na letho ka lebitleng eaba ba khutlela hae.

Ha Maria a khutlela lebitleng, o ile a bona mangeloi a mabeli eaba o re ho ’ona: ‘Ha ke tsebe hore na ba isitse Morena oa ka hokae.’ O ile a bona ntate eo a neng a nahana hore ke mohlokomeli oa jarete eaba o re ho eena: ‘Ntate, na u ka tseba hore na ba isitse Jesu hokae?’ Empa ha ntate eo a re: “Maria!” o ile a tseba hore ke Jesu. O ile a hoeletsa a re: “Mosuoe!” eaba oa mo haka. Jesu o ile a re ho eena: ‘Tsamaea u e’o joetsa bana beso hore u mpone.’ Hang-hang Maria o ile a matha a e’o bolella barutuoa hore o bone Jesu.

Hamorao letsatsing leo, barutuoa ba babeli ba Jesu ba ne ba tsoa Jerusalema ba ea Emmause. Ho na le ntate ea ileng a fihla a ba botsa hore na ba ntse ba bua ka eng. Ba re ho eena: ‘Ha u e-s’o utloe? Baprista ba ka sehloohong ba bolaile Jesu matsatsi a mararo a fetileng. Joale ho na le basali ba reng oa phela.’ Ntate eo a re: ‘Ha le lumele seo baprofeta ba se buileng ha ba re Jesu o tla shoa a be a tsosoe bafung?’ Eaba o tsoela pele ho ba hlalosetsa Mangolo. Ha ba fihla Emmause, barutuoa ba ile ba re ntate eo a tsamaee le bona. Ka mor’a hore a rapelle lijo tsa mantsiboea ba ile ba hlokomela hore ke Jesu. Eaba Jesu oa nyamela.

Barutuoa bana ba ile ba potlakela Jerusalema ntlong eo baapostola ba neng ba le ho eona ’me ba ba bolella lintho tsohle tse etsahetseng. Ha ba le ka tlung, Jesu o ile a hlaha ho bona kaofela. Qalong, baapostola ba ne sa lumele hore ke Jesu. Eaba o re ho bona: ‘Shebang matsoho a ka; a tšoareng. Boprofeta bo itse Jesu o tla tsoha bafung.’

“Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”—Johanne 14:6