Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 92

Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi

Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi

Ka mora hore Jesu a hlahe ho baapostola, Petrose o ile a ya tshwasa ditlhapi Lewatleng la Galilea. Thomase, Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba tsamaya le yena. Ba ile ba leka ho tshwasa ditlhapi bosiu kaofela empa ba se ke ba di fumana.

Hoseng ba ile ba bona monna a eme pela lewatle. A ba hweletsa a re: ‘Na le fumane ditlhapi?’ Ba re: “Tjhe!” Yaba monna eo o re: “Lahlelang dinete tsa lona ka letsohong le letona.” Eitse ha ba etsa jwalo, dinete tsa bona tsa tlala ditlhapi hoo ba neng ba sitwa le ho di hulela ka hara sekepe. Ha Johanne a elellwa hore monna eo ke Jesu a re: “Ke Morena!” Hanghang Petrose a ikakgela ka metsing yaba o tola ho ya lebopong la lewatle. Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe.

Ha ba fihla lebopong la lewatle, ba ile ba fumana Jesu a ntse a pheha bohobe le tlhapi. Yaba Jesu o ba kopa hore ba tlise ditlhapi tse ding tsa bona hore ba eketse dijo. A re ho bona: ‘A re jeng.’

Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Petrose: ‘Na o nthata ho feta ho tshwasa ditlhapi?’ Petrose a re: ‘E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re ho yena: ‘Fepa dikonyana tsa ka.’ Jesu a mo botsa hape a re: ‘Petrose na o a nthata?’ Petrose a re: ‘Morena, o a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” Jesu a mo botsa ka lekgetlo la boraro. Petrose a araba a utlwile bohloko a re: ‘Morena, o tseba ntho e nngwe le e nngwe. O a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re: “Fepa dinku tsa ka tse nyenyane.” A re ho Petrose: ‘Tswela pele o le molatedi wa ka.’

“[Jesu] a re ho bona: ‘Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.’ Hanghang ha ba tlohela matlowa, ba mo latela.”—Matheu 4:19, 20