Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 93

Jesu o Kgutlela Lehodimong

Jesu o Kgutlela Lehodimong

Jesu o ile a kopana le barutuwa ba hae Galilea. Yaba o ba fa taelo ya bohlokwa, a re: ‘E yang mme le etse batho barutuwa lefatsheng lohle. Le ba rute dintho tsohle tseo ke le rutileng tsona, le ba kolobetse.’ A ba tshepisa a re: ‘Hopolang, ke na le lona kamehla.’

Matsatsi a 40 ka mora hore a tsoswe bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuwa ba hae ba makgolo Galilea le Jerusalema. O ile a ba ruta dithuto tsa bohlokwa a ba a etsa mehlolo e mengata. Yaba o kopana le baapostola ba hae Thabeng ya Mehlwaare ka lekgetlo la ho qetela. A re ho bona: ‘Le se ke la tloha Jerusalema. Le dule le lebeletse seo Ntate a se tshepisitseng.’

Baapostola ha ba a ka ba utlwisisa seo a se bolelang. Ba mo botsa ba re: ‘Na jwale o se o tlo ba morena wa Iseraele?’ Jesu a ba araba a re: ‘Nako ya hore Jehova a nketse Morena ha e so fihle. Haufinyane le tla amohela matla a moya o halalelang mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, Judea le Samaria le ho isa karolong e hole haholo ya lefatshe.’

Jwale Jesu a nyolohela lehodimong, yaba leru le a mo kwahela. Barutuwa ba hae ba ne ba ntse ba mo shebile.

Yaba barutuwa ba tloha Thabeng ya Mehlwaare ba kgutlela Jerusalema. Kamehla ba ne ba kopana kamoreng e ka hodimo mme ba rapela. Ba ne ba emetse hore Jesu a tle a ba fe ditaelo tse eketsehileng.

“Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14