Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 94

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba fuoa moea o halalelang. E ne e le ka selemo sa 33 mehleng ea baapostola ’me batho ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba tlile Jerusalema ho tla keteka. Barutuoa ba ka bang 120 ba Jesu ba ne ba le ka kamoreng e ka holimo. Ka tšohanyetso, ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ntho e kang lelakabe la mollo e ile ea hlaha holim’a lihlooho tsa barutuoa, eaba ba qalella ho bua lipuo tse fapaneng. Lerata le leholo le molumo o tšoanang le oa moea oa sefefo la tlala ntlo.

Baeti ba tsoang linaheng tse fapaneng, ba neng ba tlile Jerusalema, ba ile ba utloa lerata leo ’me ba mathela ntlong eo ho ea bona se etsahalang. Ba ile ba makala ha ba utloa barutuoa ba bua lipuo tse fapaneng. Eaba ba re: ‘Empa batho bana ba tsoa Galilea. Ba khona joang ho bua lipuo tsa rona?’

Eaba Petrose le baapostola ba bang ba ema ka pel’a batho ba neng ba le teng moo, eaba o ba bolella kamoo Jesu a ileng a bolaoa kateng le hore Jehova o ile a mo tsosa bafung. Petrose a re: ‘Jesu o leholimong ka letsohong le letona la Molimo ’me o re file moea halalelang feela joalokaha a ne a re tšepisitse. Ke kahoo le utloileng le ho bona mohlolo ona.’

Batho ba ne ba amehile ka ho teba ka mantsoe a Petrose, eaba ba mo botsa: ‘Re lokela ho etsa’ng?’ O ile a re ho bona: ‘Bakelang libe tsa lona ’me le kolobetsoe ka lebitso la Jesu. Le tla amohela mpho ea moea o halalelang.’ Letsatsing leo ba 3000 ba ile ba kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, barutuoa ba ile eketseha Jerusalema. Moea o halalelang o ile oa thusa baapostola ho theha liphutheho tse ngata e le hore ba ka ruta barutuoa lintho tseo Jesu a ba laetseng tsona.

“Etsoe haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, ’me u bontša tumelo ka pelong ea hao hore Molimo o ile a mo tsosa bafung, u tla pholoha.”—Baroma 10:9