Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 94

Barutuwa ba Amohela Moya o Halalelang

Barutuwa ba Amohela Moya o Halalelang

Matsatsi a leshome ka mora hore Jesu a kgutlele lehodimong, barutuwa ba hae ba ile ba amohela moya o halalelang. E ne e le Pentekonta ya 33 mehleng ya Jesu, mme batho ba ne ba tlile Jerusalema ho tswa dibakeng tse ngata ho tla keteka. Barutuwa ba ka bang 120 ba Jesu, ba ne ba kopane kamoreng e ka hodimo. Ka tshohanyetso, ho ile ha etsahala ntho e hlollang. Ho hong ho tshwanang le lelakabe la mollo, ho ile ha bonahala ka hodima dihlooho tsa barutuwa, mme ba ile ba qalella ho bua dipuo tse fapaneng. Ho ile ha tlala lerata le leholo le modumo o tshwanang le wa moya wa sefefo ka ntlong.

Baeti ba tswang dinaheng tse fapaneng, ba neng ba tlile Jerusalema, ba ile ba utlwa lerata leo, mme ba mathela ntlong eo ho ya bona se etsahalang. Ba ile ba hlollwa ha ba utlwa barutuwa ba bua dipuo tse fapaneng. Yaba ba re: ‘Empa batho bana ba tswa Galilea. Ba kgona jwang ho bua ka dipuo tsa rona?’

Yaba Petrose le baapostola ba bang ba ema ka pela letshwele. Petrose a bolella batho kamoo Jesu a ileng a bolawa kateng, le kamoo Jehova a ileng a mo tsosa bafung. Petrose a re: ‘Jesu o lehodimong ka letsohong le letona la Modimo mme o re file moya o halalelang feela jwalo ka ha a ne a re tshepisitse. Ke ka hoo le utlwileng le ho bona mehlolo ena.’

Batho ba ne ba hloletswe ke mantswe a Petrose, yaba ba a mo botsa: “Re lokela ho etsang?” O ile a re ho bona: ‘Bakelang dibe tsa lona mme le kolobetswe ka lebitso la Jesu. Le tla amohela mpho ya moya o halalelang.’ Letsatsing leo ba 3 000 ba ile ba kolobetswa. Ho tloha ka nako eo ho ya pele, barutuwa ba ile ba eketseha Jerusalema. Ka thuso ya moya o halalelang, baapostola ba ile ba theha diphutheho tse ngata e le hore ba ka ruta barutuwa dintho tseo Jesu a ba laetseng tsona.

“Etswe haeba o bolela phatlalatsa ‘lentswe leo le molomong wa hao,’ hore Jesu ke Morena, mme o bontsha tumelo ka pelong ya hao hore Modimo o ile a mo tsosa bafung, o tla pholoha.”—Baroma 10:9