Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 95

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Ntate e mong ea neng a sa khone ho tsamaea o ne a lula monyako oa tempele kamehla ’me a kopa batho chelete. Ka letsatsi le leng o ile a bona Petrose le Johanne ba ea ka tempeleng. A re ho bona: ‘Ke kopa le mphe chelete.’ Petrose a re: ‘Nka u fa ho betere ho feta chelete. Ka lebitso la Jesu, ema u tsamaee!’ Eaba Petrose oa mo phahamisa ’me ntate eo a qala ho tsamaea! Ha batho ba bona mohlolo oo, ba ile ba thaba hoo bongata ba bona e ileng ea e-ba barutuoa ba Jesu.

Empa baruti le Basaduse ba ile ba halefa. Eaba ba tšoara baapostola, ba ba isa lekhotleng ’me ba re: ‘Ke mang ea le fileng matla a ho folisa ntate eo?’ Petrose a re: ‘Jesu Kreste eo le mo bolaileng, o re file matla.’ Baruti bao ba halefa ba re: ‘Khaotsang ho bua ka Jesu enoa!’ Empa baapostola ba re: ‘Re ke ke ra khaotsa ho bua ka eena.’

Ka mor’a hore Petrose le Johanne ba lokolloe, ba ile ba ea ho baapostola ba bang ho ba bolella se etsahetseng. Eaba ba rapela Jehova ’moho ba re: ‘Re kopa u re thuse ho ba sebete e le hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa hao.’ Jehova o ile a ba fa moea oa hae o halalelang ’me ba tsoela pele ho ruta batho Lentsoe la hae le ho folisa batho. Batho ba bangata e ile ea e-ba barutuoa. Kaha Basaduse ba ne ba le mona, ba ile ba laela hore baapostola ba koalloe teronkong. Bosiung boo, Jehova a romela lengeloi eaba le ntša baapostola teronkong. La re ho bona: ‘Khutlelang tempeleng le e’o ruta teng.’

Hoseng baruti ba lekhotla la Sanhedrine ba bolelloa hore banna ba neng ba tšoeroe ha ba eo, empa mamati a teronko a ntse a notletsoe! Ba ne ba ntse ba ruta batho ka tempeleng. Baapostola ba tšoaroa hape eaba ba isoa lekhotleng la Sanhedrine. E mong oa baruti a re: ‘Re itse le khaotse ho bua ka Jesu!’ Petrose a re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”

Baruti ba ne ba halefile hoo ba neng ba batla ho bolaea baapostola. Mofarisi ea bitsoang Gamaliele a re: ‘Molimo o tšehetsa mosebetsi oa banna bana. Na kannete le batla ho loana le Molimo?’ Baruti bao ba ile ba mo mamela. Eaba ba otla baapostola ka melamu, ba ba laela hape hore ba tlohele ho bua le batho ka Lentsoe la Molimo ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee. Empa baapostola ba ile ba ’na ba tsoela pele ho bua le batho ka Lentsoe la Molimo. Ka sebete ba ile ba tsoela pele ho bua le batho ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.

“Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” —Liketso 5:29