Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 95

Ho ne ho se Letho le ka Sitisang Baapostola

Ho ne ho se Letho le ka Sitisang Baapostola

Monna ya neng a sa kgone ho tsamaya o ne a dula monyako wa tempele kamehla mme a kopa batho tjhelete. Ka letsatsi le leng o ile a bona Petrose le Johanne ba ya ka tempeleng. A re ho bona: ‘Ke kopa le mphe tjhelete.’ Petrose a re: ‘Nka o fa ntho e nngwe e betere ho feta tjhelete. Ka lebitso la Jesu, ema o tsamaye!’ Yaba Petrose o a mo phahamisa, monna eo a qala ho tsamaya! Batho ba ile ba thabiswa ke mohlolo oo, hoo bongata ba bona e ileng ya ba barutuwa ba Jesu.

Empa baruti le Basaduse ba ile ba kwata. Ba tshwara baapostola, ba ba isa lekgotleng mme ba re: ‘Ke mang ya le fileng matla a ho fodisa monna eo?’ Petrose a re: ‘Jesu Kreste eo le mo bolaileng, ke yena ya re fileng matla.’ Baruti bao ba kwata ba re: ‘Kgaotsang ho bua ka Jesu enwa!’ Empa baapostola ba re: ‘Re ke ke ra emisa ho bua ka yena.’

Ka mora moo, Petrose le Johanne ba lokollwa, ba ya ho baapostola ba bang ho ba bolella se etsahetseng. Yaba ba rapela Jehova mmoho ba re: ‘Re kopa o re thuse ho ba sebete e le hore re tswele pele ho etsa mosebetsi wa hao.’ Jehova o ile a ba fa moya wa hae o halalelang mme ba tswela pele ho ruta batho Lentswe la hae le ho fodisa batho. Batho ba bangata e ile ya ba barutuwa. Kaha Basaduse ba ne ba ba jella mona, ba ile ba laela hore baapostola ba kwallwe teronkong. Bosiung boo, Jehova a romela lengeloi yaba le ntsha baapostola teronkong. La re ho bona: ‘Kgutlelang tempeleng le ilo ruta teng.’

Hoseng baruti ba lekgotla la Sanhedrine ba bolellwa hore banna ba neng ba tshwerwe ha ba eo empa mamati a teronko a ntse e notletswe! Ba ne ba ntse ba ruta batho Lentswe ka tempeleng. Baapostola ba tshwarwa hape yaba ba iswa lekgotleng la Sanhedrine. E mong wa baruti a re: ‘Re itse le kgaotse ho bua ka Jesu!’ Petrose a re: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”

Baruti ba ne ba kwatile hoo ba neng ba batla ho bolaya baapostola. Mofarisi ya bitswang Gamaliele a re: ‘Modimo o tshehetsa mosebetsi wa banna bana. Na kannete le batla ho lwana le Modimo?’ Baruti bao ba ile ba mo mamela. Yaba ba otla baapostola ka melamu, ba ba laela hape hore ba tlohele ho bua le batho ka Lentswe la Modimo mme ba ba tlohela hore ba tsamaye. Empa baapostola ba ile ba nna ba tswela pele ho bua le batho ka Lentswe la Modimo. Ka sebete ba ile ba tswela pele ho bua le batho ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.

“Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”—Liketso 5:29